Jehu a bolaya le bohle ba setseng Jisreele ba ntlo ya Akabe, le baholo ba ha hae bohle, le metswalle ya hae, le matona a hae, a se ke a mo tlohella le a mong ya salang.
Joshua 10:39 - Sesotho 1909/1961 (SO) A o kena, a bolaya le morena wa teng, a kena le metse yohle ya teng; ba bolaya batho bohle ba teng ka bohale ba lerumo, ba ba timetsa; ha a ka a siya motho le a mong; jwalokaha a ne a entse ka Hebrone, a etsa jwalo le ka Debire le ka morena wa teng, jwalokaha a ne a entse le ka Libna le ka morena wa teng. BIBELE Ba o hapa, ba hapa le kgosi ya wona, le metsana yohle ya teng, ba bolaya batho ba teng ka sabole, mme ba timetsa ho hang bohle ba neng ba phela teng. A se ke a siya le ya mong. Jwalokaha a ne a ile a etsa motseng wa Heborone, le motseng wa Debiri, le ho kgosi ya teng, a etsa jwalo le motseng wa Lebena, le ho kgosi ya teng. |
Jehu a bolaya le bohle ba setseng Jisreele ba ntlo ya Akabe, le baholo ba ha hae bohle, le metswalle ya hae, le matona a hae, a se ke a mo tlohella le a mong ya salang.
Ntlo ya Jakobo e tla ba mollo, ntlo ya Josefa e be lelakabe, ntlo ya Esau e be jwaloka matlakala; ba tla e tjhesa, ba e timetse, ho ke ke ha phela le a mong wa ntlo ya Esau, hobane Jehova o boletse.
Jehova, Modimo wa rona, a neela matsohong a rona le yena Oge, morena wa Bashane, le setjhaba sa hae kaofela, mme ra ba bolaya, ho se ke ha phonyoha le a mong wa batho ba hae.
Yaba Horame, morena wa Gesere, o tla ho tlatsa Lakishe; empa Joshua a mmolaya le batho ba hae, a se ke a mo siela motho le a mong.
Ba o kena, ba bolaya ba teng ka bohale ba lerumo, le morena wa teng, le metse yohle ya teng, le batho bohle ba yona; a se ke a siya motho le a mong, jwalokaha a ne a entse Eglone; a o fedisa le batho bohle ba teng.
Joshua a hlola fatshe leo lohle jwalo, le dithaba, le naha e ka nqa borwa, le mahwatata, le maralla, le marena wohle a teng; ha a ka a siya motho le a mong, a mpa a timetsa bohle ba phelang, jwalokaha Jehova, Modimo wa Iseraele, a ne a laetse.
Jehova a ba neela matsohong a Baiseraele, ba ba qhala, mme ba ba phallela ho ya fihla Sidone e moholo, le Misrefothe-Maime, le ho ya fihla sekgutlong sa Mitspe, ka nqa botjhabela; ba ba bolaya, ha se ke ha eba le motho ya phonyohang.
Eya jwale, o bolaye Baamaleke, mme o neele tsohle tsa bona anathema; o se ke wa ba hauhela, o mpe o bolaye banna le basadi, bana le ba anyang, le dikgomo, le dinku, le dikamele, le diesele.
A tshwara le Agage, morena wa Baamaleke, a sa utlwa, a neela setjhaba sohle anathema ka ho se bolaya ka bohale ba lerumo.