Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 10:37 - Sesotho 1909/1961 (SO)

37 Ba o kena, ba bolaya ba teng ka bohale ba lerumo, le morena wa teng, le metse yohle ya teng, le batho bohle ba yona; a se ke a siya motho le a mong, jwalokaha a ne a entse Eglone; a o fedisa le batho bohle ba teng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

37 Ba o hapa, ba bolaya batho ba neng ba phela ho wona, ka sabole, ba ba bolaya le kgosi ya teng. Ba hapa le metsana yohle ya teng, ba bolaya batho bohle ba neng ba phela ho yona. A se ke a siya le ya mong, ho latela sohle seo a ileng a se etsa motseng wa Egelone. A o timetsa ho hang le batho ba neng ba phela ho wona.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 10:37
8 Referencias Cruzadas  

Yaba Joshua o qhala Amaleke le setjhaba sa hae ka bohale ba lerumo.


Tsatsing leo, Joshua a kena Makkeda, mme a bolaya ba teng ka bohale ba lerumo, a timetsa le morena wa teng le batho bohle ba teng; ha a ka a siya motho le a mong teng; a etsa ho morena wa Makkeda jwalokaha a ne a entse ho morena wa Jeriko.


Tsatsing lona leo, ba o kena, ba bolaya ba teng ka bohale ba lerumo; ka lona letsatsi leo a timetsa batho bohle ba teng, jwalokaha a ne a entse Lakishe.


Ebile Joshua le Baiseraele bohle ba ho yena ba tloha Eglone, ba ya Hebrone, mme ba o lwantsha.


Ebile Joshua le Baiseraele bohle ba ho yena ba leba Debire, mme ba o lwantsha.


A o kena, a bolaya le morena wa teng, a kena le metse yohle ya teng; ba bolaya batho bohle ba teng ka bohale ba lerumo, ba ba timetsa; ha a ka a siya motho le a mong; jwalokaha a ne a entse ka Hebrone, a etsa jwalo le ka Debire le ka morena wa teng, jwalokaha a ne a entse le ka Libna le ka morena wa teng.


Joshua a hlola fatshe leo lohle jwalo, le dithaba, le naha e ka nqa borwa, le mahwatata, le maralla, le marena wohle a teng; ha a ka a siya motho le a mong, a mpa a timetsa bohle ba phelang, jwalokaha Jehova, Modimo wa Iseraele, a ne a laetse.


Joshua a kena le metse yohle ya marena ao, a bolaya marena wohle a teng, a a timetsa ka bohale ba lerumo, a a fedisa, jwalokaha Moshe, mohlanka wa Jehova, a ne a laetse.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos