La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Joshua 10:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Yaba Joshua le Baiseraele bohle ba nang le yena ba kgutlela diahelong tse Gilgale.

Ver Capítulo

BIBELE

Joshua a kgutlela diahelong tsa hae Gilegale, a ena le Baiseraele bohle.

Ver Capítulo



Joshua 10:15
5 Referencias Cruzadas  

A ntsha le batho ba teng, a laela hore ba bolawe ka disaga le diege tsa tshepe le dilepe tsa tshepe, a ba fetisa le diboping, a etsa jwalo le ka metse yohle ya bana ba Ammone. Davida le setjhaba sohle ba ntoo boela Jerusalema.


Ha ho a ka ha eba letsatsi le jwalo, leha e le pele, leha e le morao, leo Jehova a utlwileng lentswe la motho ka lona; hobane Jehova o ne a lwanela Iseraele.


Empa marena ao a mahlano a baleha, a ipata lehaheng la Makkeda.


Yaba Joshua le Baiseraele bohle ba ho yena ba boela diahelong tse Gilgale.


Yaba banna ba Gibeone ba romela ho Joshua diahelong tsa Gilgale, ba re: O se ke wa tlosa letsoho la hao ho bahlanka ba hao; tloo ho rona kapele, o re namolele, o re thuse; hobane marena wohle a Baamore a ahileng dithabeng a re bokanetse ho re lwantsha.