Di tla nyeka lerole jwaloka noha, jwaloka dihahabi tsa lefatshe; di tla tswa diqhobosheaneng tsa tsona, di tshohile, di balehele ho wena, Jehova, Modimo wa rona, ka thothomelo, mme di tla o tshaba.
Ebile marena a mahlano a Baamore, morena wa Jerusalema, le morena wa Hebrone, le morena wa Jarmuthe, le morena wa Lakishe, le morena wa Eglone, a phutheha hammoho, a futuha, a ya ka makgotla wohle a wona, a emisa pela Gibeone, a mo lwantsha.
Marena a lefatshe, le ba baholo, le barui, le balaodi, le dinatla, le bohle ba ruilweng, le bohle ba sa ruwang, ba ipata mahaheng le mafikeng a dithaba,
Eitse Baiseraele ha ba bona tsietsi eo ba leng ho yona, kahobane setjhaba se tsietswe, ba ipata mahaheng, le merung, le mafikeng, le diqhobong, le mangopeng.
Ha a ntse a tsamaya, a fihla metebong ya dinku, moo lehaha le leng teng. Saule a kena teng ho apesa maoto a hae, athe Davida le banna ba hae ba ne ba le harehare ho lehaha.
Kamorao, le yena Davida a tsoha, a tswa lehaheng, a howeletsa Saule, a re: Morena, monga ka! Saule ha a reteleha, a bona Davida a inamela fatshe ka sefahleho, a kgumama.