Leha ba ka phunyeletsa ho ya fihla Nqalong ya Bafu, tsoho la ka le tla ba ntsha hona moo. Leha ba ka nyolohela hodimo, hodimo mahodimong, le hona moo ke tla ba theola.
Di tla nyeka lerole jwaloka dinoha, di le nyeke sa dihahabi di holoba fatshe. Di tla tswa diahelong tsa tsona di thothomela, di retelehele ho Morena, Morena Modimo wa rona, di retelehele ho yena di tshohile, di tshohile haholo hobane di o tshaba.
Dikgosi tsena tse hlano tsa Baamore, e leng kgosi ya Jerusalema, le kgosi ya Heborone, le kgosi ya Jaremute, le kgosi ya Lakishe, le kgosi ya Egelone, tsa ikopanya, tsa nyoloha le mabotho a tsona wohle, tsa hloma malebana le Gibeone, tsa e futuhela.
Dikgosi tsa lefatshe, le mahosana, le balaodi ba mabotho, le barui, le dinatla, le bohle, e ka ba makgoba kapa balokollwa, ba ipata ka mahaheng le hara mafika a dithaba.
Ha Baiseraele ba bona hore taba di mosenekeng, kaha setjhaba se ne se tsielehile, batho ba ipata ka mahaheng, le meferong, le mafikeng, le diqhobosheaneng, le madumeleng.
Yaba Saule o fihla masakeng a dinku, a pela tsela, moo ho neng ho ena le lehaha teng; a kena ka lehaheng leo ho ya ithoma. Davida le banna ba hae ba ne ba keneletse kgotjheletsaneng ya lehaha.