Hobane ke jwaloka lekuka le omeletseng mosing wa leifo; empa ha ke lebale dikomelo tsa hao.
Joele 2:6 - Sesotho 1909/1961 (SO) Pela sona ditjhaba di a tlakasela, difahleho tsohle di fetoha mmala. BIBELE Ha tjhaba di le bona e ba di a tlallwa, fahleho tsohle di pudufale. |
Hobane ke jwaloka lekuka le omeletseng mosing wa leifo; empa ha ke lebale dikomelo tsa hao.
Ba tsielehile, ba kenwe ke mahloko le matswalo, ba sonopana jwaloka mosadi ya belehang; ba tadimana ba maketse, difahleho tsa bona di fubile jwaloka mollo.
A le ke le botse, le bone, na e motona a ka beleha na? Ke bona keng matsoho a monna e mong le e mong ha a le mathekeng a hae, jwaloka hoja ke ya belehang, mme sefahleho sa e mong le e mong se hlwentse?
Ke bohloko ke leqeba la moradi wa setjhaba sa ka, ke na le bofifi, ke tshwerwe ke bolokwana.
Tshobotsi ya bona e ntsho ho fetisa botsho, ha ba sa tsejwa mapatlelong; letlalo la bona le manne masapong a bona, le omeletse, le jwaloka lehong.
Ho a hapjwa, ho a hlakolwa, ho a senngwa! Pelo e a qhibidiha, mangwele a tlakasela, matheka kaofela a tshwerwe ke bohloko, difahleho tsohle di saretswe!
Letsaba la ditau le kae, leo ditawana di neng di jela ho lona, moo ho neng ho santa tau e tona le e tshehadi le ledinyane la tau, ho se ya ka di tshosang?