Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 8:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Ke bohloko ke leqeba la moradi wa setjhaba sa ka, ke na le bofifi, ke tshwerwe ke bolokwana.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

21 Jwalokaha tjhaba sa heso se nyahame dipelo, le nna pelo ya ka e nyahame jwalo. Ke kene kahara bofifi, ke tshwerwe ke tshabo.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 8:21
14 Referencias Cruzadas  

Ka re ho morena: Morena a ne a phele ka ho sa feleng! Na nka tlohela ho sosobana sefahleho jwang, haele mona motse wa mabitla a bontate o senyehile, mme mamati a wona a dutse a tjhele?


O ba bolelle lentswe lena, o re: Mahlo a ka a tswa meokgo bosiu le motshehare, ha e kgaotse, hobane morwetsana, moradi wa setjhaba sa ka, o hlabilwe, leqeba la hae le leholo, ke leqeba le bohloko haholo.


Juda o a lla, diphutheho tse dulang dikgorong tsa metse ya hae di fokotse, di ituletse, lefatshe le swabile, mme mohoo wa Jerusalema o a nyoloha.


Mme nna ha ke a ka ka ikganela hore ke se be modisa ya o salang morao; ha ke a ka ka lakatsa letsatsi la tlokotsi; wena o a tseba; se tswileng molomong wa ka se pontsheng ya sefahleho sa hao.


Mala a ka! Mala a ka! Jo nna! Mabote a pelo ya ka! Pelo ya ka e a uba, nke ke ka ikgutsetsa, hobane, moya wa ka, o utlwa modumo wa terompeta le mokgosi wa ntwa.


Kotulo e se e fedile, ho fetile lehwetla, mme rona ha re a namolelwa.


Oho! hojane ebe hlooho ya ka e le metsi le mahlo a ka e le sediba sa meokgo, nka be ke llela ba bolailweng ba moradi wa setjhaba sa ka motshehare le bosiu!


Ke nna motho ya boneng mahlomola ka thupa ya bohale ba hae.


Pela sona ditjhaba di a tlakasela, difahleho tsohle di fetoha mmala.


Ho a hapjwa, ho a hlakolwa, ho a senngwa! Pelo e a qhibidiha, mangwele a tlakasela, matheka kaofela a tshwerwe ke bohloko, difahleho tsohle di saretswe!


Ha a atametse Jerusalema, a bona motse, a o llela,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos