Jobo 26:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) O eleditse hakaakang ya hlokang hlalefo, mme o boletse tsebo ya sebele hakaakang! BIBELE O eleditse sethoto hantle hakaakang! O bontshitse tsebo e kgolo hakaakang! |
Le nna hle ke na le pelo jwaloka lona, ha ke monyenyane ho lona! Ditaba tseo, ke mang ya sa di tsebeng na?
Haele ka lona kaofela, kgutlang hle, le boye; nke ke ka bona motho ya hlalefileng hara lona.
Taba tsa ka di tla bapa le nnete ya pelo ya ka, melomo ya ka e bolele mehopolo ya ka e hlwekileng.
le kamoo ke sa kang ka pata taba kateng, leha e le nngwe, ya tse le tshwanelang; ke sa kang ka phetsa le ho le bolella le ho le ruta tsona pontsheng le ka matlung a lona;