Jehova a nna a omela Iseraele le Juda ka baporofeta ba hae bohle le ka diboni tsohle, a re: Bakang metsamaong ya lona e mebe, le boloke ditaelo tsa ka le ditemoso tsa ka, ka molao wohle oo ke o laetseng bontata lona, oo ke o rometseng ho lona ka bahlanka ba ka, baporofeta.
Molotsana a furalle tsela ya hae, ya kgopo a tlohele mehopolo ya hae, a sokolohele ho Jehova, mme o tla mo hauhela; a sokolohele ho Modimo wa rona, hobane o tshwarela haholo.
ho tla nne ho kene ka menyako ya motse ona marena a lona le mahosana a lona a ituletseng teroneng ya Davida, a kene ka makoloi, a palamile dipere, e le wona le baholo ba setjhaba, le batho ba Juda le baahi ba Jerusalema; mme motse wona o tla nne o ahuwe ka ho sa feleng.
Mme jwale, bolella banna ba Juda le baahi ba Jerusalema, o re: Jehova o re: Bonang, ke le hopoletse bobe, ke le reretse morero o mobe. Sokolohang e mong le e mong mekgweng ya hae e mebe, le lokise metsamao ya lona le diketso tsa lona.
Jwale, bakang mekgweng ya lona le diketsong tsa lona, le mamele lentswe la Jehova, Modimo wa lona, mme le yena Jehova o tla bakela bobe boo a bo boletseng hodima lona.
Nkile ka le romela bahlanka ba ka kaofela, baporofeta, ke ntse ke tsoha e sa le hosasasasa, ke ba roma, ke re: Bakang hle e mong le e mong mekgweng ya hae e mebe, le sokolohe diketsong tsa lona, le se ke la tsamaela medimo esele ho e sebeletsa, mme le tla nne le ikahele lefatsheng leo nkileng ka le nea lona le bontata lona moholo; empa ha le a ka la sekeha tsebe, ha le a ka la nkutlwa.
Ho itswe ke Jehova: Emang ditseleng le tadime, le botse ditsela tsa kgale; botsang hore na tsela e ntle ke efe? mme le tsamaye ka yona, le tle le fumanele meya ya lona phomolo. Ba mpa ba re: Ha re na ho tsamaya teng.