Jeremia 5:10 - Sesotho 1909/1961 (SO) Hlwellang marakong a hae, le ripitle, empa e se be ho a fedisetsa ruri; fotholang merara ya hae, hobane hase ya Jehova. BIBELE “Kenang hara merara ya sona le e robake, feela le se ke la e roba kaofela ha yona; makala a yona le a kgaole, hobane makala ao hase makala a Morena. |
Jehova a laela hore morena wa Bakalde a ba futuhela; a bolaya bahlanka ba bona ka lerumo, ka tlung ya sehalalelo sa bona, mme ha a ka a qenehela mohlankana, leha e le morwetsana, kapa leqheku, kapa motho ya moriri o moputswa; a ba neela matsohong a hae kaofela ha bona.
Athe nna, ke na be ke o hlomile o le morara o fetisang ka molemo, wa mofuta wa sebelebele; o mpa o iphetotse jwang ho nna morara wa mofuta osele?
bonang, ke ya romela ho lata merabe yohle ya leboya, ho bolela Jehova, le yena Nebukadresare, morena wa Babilona, mohlanka wa ka, mme ke tla ba tlisa ho lwantsha lefatshe lena le baahi ba lona, le ditjhaba tsohle tsena tse mathokong, ke di neele anathema, ke di bee makatso, le sesomo, le tshenyeho ka ho sa feleng.
Jakobo, ke na le wena ho o pholosa, ho bolela Jehova, hobane ke tla fedisa hohle ditjhaba kaofela tseo nkileng ka o qhalanyetsa ho tsona, empa wena, nke ke ka o fedisa; ke tla o laya ka ho loka; nke ke ka o tlohela feela, o sa kgalemelwe.
Bakalde ba tjhesa ntlo ya morena le matlo a ba setjhaba ka mollo, ba heletsa le marako a Jerusalema.
Hobane ho itswe ke Jehova: Lefatshe lohle le tla fetolwa lefeella, empa nke ke ka le fedisetsa ruri.
Wena, o se ke wa tshaba, mohlanka wa ka, Jakobo, ho bolela Jehova, hobane ke na le wena, hobane ke tla fedisa ditjhaba kaofela tseo ke o qhalanyeditseng hara tsona; ha e le wena, nke ke ka o fedisa, ke tla o kgalemela ka tekanyo; leha ho le jwalo, ke sitwa ho o lesa o sa lauwe.
Hobane ntlo ya Iseraele le yona ntlo ya Juda e hlile e nthetsitse hampe, ho bolela Jehova.
Na le re, nka lesa ho kgalemela ntho tseo, ho bolela Jehova, kapa nka lesa ho iphetetsa ho setjhaba se jwaloka seo na?
Ke mpa ke tla phonyosa batho ba seng bakae ba bona lerumong le tlaleng le lefung la sewa, hore ba tle ba qaqise manyala wohle a bona ditjhabeng tseo ba fihletseng ho tsona, mme ba tla tseba hoba ke nna Jehova.
Leha ke be nka tlisa lerumo lefatsheng lena, ka re: Lerumo a le ke le tsamaye le lefatshe, ka ba ka kgaola batho le dikgomo teng,
Bonang, mahlo a Morena Jehova a tjametse mmuso o tletseng dibe, mme ke tla o timetsa hodima lefatshe; feela, nke ke ka timeletsa ntlo ya Jakobo ruri, ho bolela Jehova.
Morena, ha a utlwa taba tseo, a halefa; a roma makgotla a hae, a timetsa babolai bao, a tjhesa le motse wa bona.