Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 5:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Leha ho le jwalo, tsatsing lona leo, ho bolela Jehova, nke ke ka le fedisetsa ruri.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

18 “Leha ho le jwalo,” ho rialo Morena, “le hona matsatsing ao ha ke na ho le fedisa ho hang.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 5:18
10 Referencias Cruzadas  

Jakobo, ke na le wena ho o pholosa, ho bolela Jehova, hobane ke tla fedisa hohle ditjhaba kaofela tseo nkileng ka o qhalanyetsa ho tsona, empa wena, nke ke ka o fedisa; ke tla o laya ka ho loka; nke ke ka o tlohela feela, o sa kgalemelwe.


Hobane ho itswe ke Jehova: Lefatshe lohle le tla fetolwa lefeella, empa nke ke ka le fedisetsa ruri.


Hlwellang marakong a hae, le ripitle, empa e se be ho a fedisetsa ruri; fotholang merara ya hae, hobane hase ya Jehova.


Se tla ja lehwetla la hao le bohobe ba hao; se je bara ba hao le baradi ba hao; se je dinku tsa hao le dikgomo tsa hao, se je merara ya hao le difeiye tsa hao, se heletse ka lerumo metse ya hao e diqhobosheane, eo o e tshepileng.


Mme ha le ka bolela, la re: Ke ka baka lang ha Jehova, Modimo wa rona, a re entse ntho tseo kaofela? o ba arabele ka ho re: Ke hobane le mo hlobohile, le sebeleditse medimo ya ditjhaba lefatsheng la lona; ka baka leo, le tla nne le sebeletse ditjhaba lefatsheng leo e seng la lona.


Ka re ke sa porofeta, Pelathia, mora Benaia, a shwa. Yaba ke itihela fatshe ka sefahleho, ka meketsa, ka re: Jo! Jo! Morena Jehova, na ke ho re, o ya timeletsa masala a Iseraele na?


Empa leihlo la ka la nna la ba qenehela, hore ke se ke ka ba timetsa, mme ha ke a ka ka ba fedisa nahathothe.


Ba re ba sa hlabaka, nna ke sa ntsane ke setse, ka itiha fatshe ka sefahleho, ka meketsa, ka re: Jo! Morena Jehova, na o tla timeletsa masala wohle a Iseraele, haele moo o tshollela Jerusalema kgalefo ya hao?


Na ha o hlolehe tshimolohong, haesale, wena Jehova, Modimo wa ka, Mohalaledi wa ka? Re ke ke ra shwa? Jehova, setjhaba seo o se beetse ho ahlola; wena Lefika, o se lokiseditse ho kgalemela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos