Jeremia 48:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) Kganya ya Moabe e se e le siyo; Heshbone, ba hopotse bobe bakeng sa hae, ho thwe: Tloong, re mo fediseng, e se ke ya hlola e eba setjhaba; le wena Madmene, o ya bolawa, lerumo le tla o sala morao. BIBELE Moabe ha e sa tla hlola e roriswa, ba Heshebone ba e reretse ho e timetsa, ba re: ‘Tloong re fedise botjhaba ba yona.’ Le lona baahi ba Madamene le tla timetswa, sabole le yona e le phaladise. |
Pelo ya ka e lla hodima Moabe; ba phonyohileng ba balehetse Tsoware le Eglathe-Shelishia; hobane ba nyoloha ka moepa wa Luhithe ka dillo; diboko tsa tshenyeho ya bona di duma tseleng ya Horonaime.
Mme jwale, Jehova o a bua, o re: Ho tla feta dilemo tse tharo, tse kang dilemo tsa motho ya thotsweng; mme kganya ya Moabe e tla fela, bongata bo boholo ba hae bo fele; ho tla siuwa ba se ba kae, e seng ba bangata.
Hobane letsoho la Jehova le tla dula thabeng ena, empa Moabe o tla hatakelwa moo a leng teng, jwaloka setroi sa koro ha se hatakelwa lemeneng la moitedi.
Hobane Jehova, Modimo wa Iseraele, o mpoleletse, a re: Nka senwelo sena sa veine ya kgalefo se letsohong la ka, o tle o se nose ditjhaba kaofela tseo ke o romelang ho tsona;
Yaba ke nka senwelo letsohong la Jehova, ka nosa ditjhaba tsohle tseo Jehova a nthometseng ho tsona:
Ha melao eo e ka fetoha pela ka, le hona leloko la Iseraele le tla phetsa ho ba setjhaba pela ka ka ho sa feleng.
Na ha o bone seo setjhaba sena se se bolelang, ha se re: Meloko e mmedi eo Jehova a neng a e kgethile, o hlile o e lahlile! Ba nyedisa setjhaba sa ka hore se se ke sa hlola se eba setjhaba pontsheng ya bona.
Wena, o se ke wa tshaba, mohlanka wa ka, Jakobo, ho bolela Jehova, hobane ke na le wena, hobane ke tla fedisa ditjhaba kaofela tseo ke o qhalanyeditseng hara tsona; ha e le wena, nke ke ka o fedisa, ke tla o kgalemela ka tekanyo; leha ho le jwalo, ke sitwa ho o lesa o sa lauwe.
Lona ba mabapa le yena kaofela, mo utlweleng bohloko, le lona bohle ba tsebang lebitso la hae, le re: E robilwe jwang thupa e thata, lere la bokgabane?
Babalehi ba eme moriting wa Heshbone ba kgathetse, empa mollo o tswile Heshbone, kgabo e tswile hara Sihone, mme e ja mahlakore a Moabe le dihlooho tsa hae ka moferefere.
Bokolla, Heshbone, hobane Ai o sentswe; howeletsang, baradi ba Rabba, le apare lesela le mahwashe; llang, le sepele marakong a masimo a merara, hobane Malkome o tla iswa kgolehong hammoho le baprista le matona a hae.
Ke tla thothometsa Elame pela bao e leng dira ho bona, le pela ba batlang bophelo ba bona, ke ba hlahisetse kotsi, e leng kgalefo e tjhesang ya ka, ho bolela Jehova; mme ke ba phallele ka lerumo, ke tle ke ba fedise.
Bara ba Rubene ba haha Heshbone, le Eleale, le Kiryathaime; Nebo le Baale-Meone, eo ba e reileng mabitso asele, le Sibma;