Ditsietsing tsohle tsa bona a ba tsietsing le bona, lengeloi la sefahleho sa hae la ba pholosa; o ba lopolotse ka lerato le ka mohau wa hae, a ba tiisa, a ba jara mehleng yohle ya boholoholo.
Jeremia 45:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele, bakeng sa hao Baruke: BIBELE “Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena ho wena Baruke: |
Ditsietsing tsohle tsa bona a ba tsietsing le bona, lengeloi la sefahleho sa hae la ba pholosa; o ba lopolotse ka lerato le ka mohau wa hae, a ba tiisa, a ba jara mehleng yohle ya boholoholo.
Lentswe leo moporofeta Jeremia a kileng a le bolella Baruke, mora Neria, ha a ne a ntse a ngola mantswe ana kaofela bukeng, ka molomo wa Jeremia, ka selemo sa bone sa Jojakime, mora Josiase, morena wa Juda, ke le reng:
O ipolella, o re: Ho madimabe nna, hobane Jehova o ekeleditse bohloko ba ka ka hlomoho; ke kgathetse ke ho fehelwa, ha ke bone kgatholoho.
Le mpe le ye, le bolelle barutuwa ba hae le Petrose, hore o ya le etella pele ho ya Galelea; ke moo le tla mmona teng, jwalokaha a kile a le bolella.
o re tshedisang mahlomoleng wohle a rona, hore ba leng mahlomoleng, leha e le afe le afe, re tle re tsebe ho ba tshedisa ka matshediso ao le rona re tshediswang ka wona ke Modimo.
Hobane erekaha a utlwile bohloko mohla a lekwang, ke kahoo a tsebang ho thusa ba lekwang.
Hobane moprista e moholo eo re nang le yena, hase ya ka sitwang ho re utlwela bohloko mefokolong ya rona; hobane o lekilwe nthong tsohle jwaloka rona, empa ha a ka a etsa sebe.