matshwenyeho wohle a bona le yena a mo tshwenya. Hase lengeloi le ba pholositseng, ba pholositswe ke Morena ka seqo, ka lerato le ka mohau wa hae a ba lopolla; ho tloha kgale a ba nka, a ba a ba jara.
Ka selemo sa bone sa puso ya Jehoyakime, mora wa Josiya, kgosi ya Juda, yare hoba Baruke, mora wa Neriya, a qete ho ngola mantswe a tswang molomong wa Jeremia, a a ngole bukeng, Jeremia a re ho yena:
O re tshedisa matshwenyehong wohle a rona, e le hore le rona re tle re tsebe ho tshedisa bohle ba matshwenyehong, ka matshediso ao le rona re tshediswang ka wona ke Modimo.
Moprista wa rona e Moholo hase ya ka sitwang ho re utlwela bohloko mefokolong ya rona, hobane ke ya ileng a lekwa ka ditsela tsohle jwaloka rona, empa a se ke a etsa sebe.