Ditsietsing tsohle tsa bona a ba tsietsing le bona, lengeloi la sefahleho sa hae la ba pholosa; o ba lopolotse ka lerato le ka mohau wa hae, a ba tiisa, a ba jara mehleng yohle ya boholoholo.
Lentswe leo moporofeta Jeremia a kileng a le bolella Baruke, mora Neria, ha a ne a ntse a ngola mantswe ana kaofela bukeng, ka molomo wa Jeremia, ka selemo sa bone sa Jojakime, mora Josiase, morena wa Juda, ke le reng:
o re tshedisang mahlomoleng wohle a rona, hore ba leng mahlomoleng, leha e le afe le afe, re tle re tsebe ho ba tshedisa ka matshediso ao le rona re tshediswang ka wona ke Modimo.
Hobane moprista e moholo eo re nang le yena, hase ya ka sitwang ho re utlwela bohloko mefokolong ya rona; hobane o lekilwe nthong tsohle jwaloka rona, empa ha a ka a etsa sebe.