Ekaba le jwale o ipatile sekoting se seng, kapa kahosele; leha ba bang ho ba kwano ba ka wa, ntwa e sa qala, ya eba taba e utlwahalang, ya utlwang o tla re: Kotsi e hlahetse setjhaba se latelang Absalome.
Jeremia 41:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) Lemena leo Ishmaele a lahletseng ho lona ditopo kaofela tsa batho bao a ba bolaileng hammoho le Gedalia, ke leo morena Asa a neng a le entse ka ho tshaba Baesha, morena wa Iseraele; ke lona lemena leo Ishmaele a kileng a le tlatsa ditopo. BIBELE Mokoti oo Ishemaele a ileng a lahlela ditopo tsa banna ba bolailweng hammoho le Gedaleya ka ho wona, ke oo kgosi Asa a neng a o tjheke e le karolo ya boitshireletso ba hae ntweng ya hae le Baasha, kgosi ya Iseraele. Ishemaele, mora wa Netaniya, o ile a o tlatsa ka ditopo. |
Ekaba le jwale o ipatile sekoting se seng, kapa kahosele; leha ba bang ho ba kwano ba ka wa, ntwa e sa qala, ya eba taba e utlwahalang, ya utlwang o tla re: Kotsi e hlahetse setjhaba se latelang Absalome.
Empa wena, o lahlilwe hole le lebitla la hao, jwaloka lehlomela le lebe le nyatsuwang, le jwaloka kobo ya ba bolailweng ka lerumo, ba lahlelwang lengopeng hara majwe, le jwaloka setopo se hatakelwang ka maoto.
kanthebo lefatshe le ne le sa tshwanele ho ba le batho ba jwalo — ba shotile mafeelleng, le dithabeng, le mahaheng, le mekoting ya lefatshe.
Bamidiane ba tshwenya Baiseraele haholo, bana ba Iseraele ba ba ba tshabela diqhobong tse dithabeng, le mahaheng, le diforong ke ho tshaba Bamidiane.
Eitse Baiseraele ha ba bona tsietsi eo ba leng ho yona, kahobane setjhaba se tsietswe, ba ipata mahaheng, le merung, le mafikeng, le diqhobong, le mangopeng.
Eitse ha ba itlhahisa ba babedi ho ba qhobosheaneng ya Bafilesta, Bafilesta ba re: Bonang, Baheberu ke bane, ba tswa mekoting eo ba ipatileng ho yona.
Le banna bohle ba Iseraele, ba neng ba ipatile thabeng ya Efraime, ha ba utlwa hoba Bafilesta ba balehile, ba ba phallela ka ntwa.
Ha a ntse a tsamaya, a fihla metebong ya dinku, moo lehaha le leng teng. Saule a kena teng ho apesa maoto a hae, athe Davida le banna ba hae ba ne ba le harehare ho lehaha.