Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 41:9 - BIBELE

9 Mokoti oo Ishemaele a ileng a lahlela ditopo tsa banna ba bolailweng hammoho le Gedaleya ka ho wona, ke oo kgosi Asa a neng a o tjheke e le karolo ya boitshireletso ba hae ntweng ya hae le Baasha, kgosi ya Iseraele. Ishemaele, mora wa Netaniya, o ile a o tlatsa ka ditopo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Lemena leo Ishmaele a lahletseng ho lona ditopo kaofela tsa batho bao a ba bolaileng hammoho le Gedalia, ke leo morena Asa a neng a le entse ka ho tshaba Baesha, morena wa Iseraele; ke lona lemena leo Ishmaele a kileng a le tlatsa ditopo.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 41:9
11 Referencias Cruzadas  

Le hona jwale o ipatile mahaheng, kapa sebakeng se seng. Haeba ba bang ba bahlabani ba rona ba ka bolawa sethathong, ya utlwang o tla re: ‘Balatedi ba Abosalome ba entswe mofela.’


empa wena o lahletswe kantle ho lebitla la hao, wa lahlelwa kantle sa lekala le nyatseha, topo tsa babolauwa di entse setha hodima hao, bona ba ileng ba bolawa ka sabole, bona ba ileng ba theolelwa mohohlong o majwe, ba theolelwa jwaloka setopo se hataketswe ka maoto.


E ne e le batho bao lefatshe le sa ba tshwaneleng. Ba ile ba lelera mafeelleng le dithabeng, mahaheng le matsabeng a lefatshe.


Bamidiane ba imela bana ba Iseraele. Ka baka la ho tshaba Bamidiane, bana ba Iseraele ba ile ba ipata matsabeng, le mahaheng, le diqhobosheaneng.


Ha Baiseraele ba bona hore taba di mosenekeng, kaha setjhaba se ne se tsielehile, batho ba ipata ka mahaheng, le meferong, le mafikeng, le diqhobosheaneng, le madumeleng.


Bobedi ba bona ba etsa hore Bafilesita ba laletseng ba ba bone, mme Bafilesita ba re: “Bonang, Baheberu ke bao, ba tswa mafarung ao ba neng ba ipatile ho wona!”


Banna bohle ba Baiseraele, ba neng ba ipatile naheng e maralla ya Efraime, ha ba utlwa hore Bafilesita ba a baleha, le bona ba ba hata direthe ntweng eo.


Yaba Saule o fihla masakeng a dinku, a pela tsela, moo ho neng ho ena le lehaha teng; a kena ka lehaheng leo ho ya ithoma. Davida le banna ba hae ba ne ba keneletse kgotjheletsaneng ya lehaha.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos