Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 41:8 - BIBELE

8 Empa ba leshome ba bona ba re ho Ishemaele: “Se ke wa re bolaya, hobane re na le matlotlo ao re a patileng hara naha, e leng koro le harese, le ole le mahe a dinotshi.” Yaba o a ba tlohela, a se ke a ba bolaya ha a bolaya bana babo bona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Empa batho ba leshome ba eba teng ho bona, ba bolella Ishmaele, ba re: O se ke wa re bolaya, hobane re na le moo re patileng koro naheng, le harese, le ole, le dinotshi. Yaba o a ba lesela, mme ha ba ka ba eshwa le ba habo bona.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 41:8
9 Referencias Cruzadas  

Satane a araba Morena, a re: “Letlalo ke thebe ya pelo! Motho a ka tela tsohle tseo a nang le tsona, hore a ipholose.


Bophelo ba motho bo ka lopollwa ka maruo a hae, mofumanehi yena ha a ke a sokelwa ke motho.


Ke tla o nea matlotlo a patilweng hara mafifi, maruo a patilweng dikgotjheletsaneng, o tle o tsebe hore ke nna Morena, Modimo wa Iseraele, ya o bitsang ka lebitso.


Mokoti oo Ishemaele a ileng a lahlela ditopo tsa banna ba bolailweng hammoho le Gedaleya ka ho wona, ke oo kgosi Asa a neng a o tjheke e le karolo ya boitshireletso ba hae ntweng ya hae le Baasha, kgosi ya Iseraele. Ishemaele, mora wa Netaniya, o ile a o tlatsa ka ditopo.


Ebe motho a ka boellwa ke eng haeba a ka rua lefatshe lohle, empa a senyehelwa ke bophelo ba hae? Kapa motho a ka rekanya bophelo ba hae ka eng?


“Ka baka leo, ke re ho lona: Le se ke la itshwenya ka bophelo ba lona, hore na le tla jang, kapa le tla nwang, leha e le ka mmele ya lona, hore na le tla aparang. Ana bophelo ha bo fete dijo, le mmele ha o fete diaparo ka bohlokwa na?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos