o bone hoba phomolo e monate, le naha hoba ke e kgahlisang; yaba o sekamisetsa lehetla phahlong, a iketsa mofo ya ntshang lekgetho.
Jeremia 40:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) Gedalia, mora Akikame, mora Shafane, a ba anela, bona le batho ba bona, a re: Le se ke la tshaba ho ipea ho Bakalde, le mpe le ikahele lefatsheng, le ipee ho morena wa Babilona, le tle le iketle. BIBELE Gedaleya, mora wa Ahikama, setloholo sa Shafane, a ba hlapanyetsa, a hlapanyetsa le bahlabani ba bona, a re: “Le se ke la tshaba ho sebeletsa Bakalatiya. Ahang naheng ena le sebeletse kgosi ya Babilona, mme le tla phela hamonate. |
o bone hoba phomolo e monate, le naha hoba ke e kgahlisang; yaba o sekamisetsa lehetla phahlong, a iketsa mofo ya ntshang lekgetho.
Yena Gedalia a ba hlapanyetsa, bona le batho ba bona, a re ho bona: Le se ke la tshaba bahlanka ba Bakalde; ahang fatsheng lena, le sebeletse morena wa Babilona, mme le tla iketla.
E, o tla ja ditholwana tsa mesebetsi ya matsoho a hao. Menono le lehlohonolo di be ho wena!
Empa setjhaba se beang molala wa sona jokong ya morena wa Babilona ho mo sebeletsa, ke tla se tlohela naheng ya sona, ho bolela Jehova, hore se e leme, se ikahele teng.
O ituletse jwang o nnotshi, motse o neng o tletse batho? Motse o neng o le moholo hara ditjhaba o fetohile jwang ntho eo e kang ke mohlolohadi? Eo e neng e le mofumahadi hara ditjhaba o fetohile jwang ya ruilweng?