Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 27:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Empa setjhaba se beang molala wa sona jokong ya morena wa Babilona ho mo sebeletsa, ke tla se tlohela naheng ya sona, ho bolela Jehova, hore se e leme, se ikahele teng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Empa setjhaba se tla diha molala wa sona tlasa joko ya kgosi ya Babilona, se e sebeletse, sona ke tla se tlohela se nne se be naheng ya sona, se e leme, se phele ho yona,’ ho rialo Morena.”

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 27:11
8 Referencias Cruzadas  

Ya ka salang motseng ona, o tla shwa ke lerumo, kapa ke tlala, kapa ke lefu la sewa; empa ya tswang ho ya ipea ho Bakalde ba le thibeletseng, o tla phela; bophelo ba hae e tla ba kgapo ya hae.


Ka bolella le Tsedekia, morena wa Juda, mantswe ao kaofela, ka re: Le ke le bee melala ya lona jokong ya morena wa Babilona, le sebeletse yena le setjhaba sa hae, mme le tla phela.


O iketsetse marapo le dijoko, o di rwale molaleng wa hao;


Setjhaba, kapa mmuso ha o ke ke wa ipea ho Nebukadnesare, morena wa Babilona, leha e le ho neela molala wa wona jokong ya morena wa Babilona, ke tla kgalemela setjhaba seo ka lerumo, le ka tlala, le ka lefu la sewa, ho bolela Jehova, ke tle ke be ke se timetse ka letsoho la hae.


Ho itswe ke Jehova: Ya salang motseng ona o tla shwa ke lerumo, kapa ke tlala, kapa ke lefu le sewa; empa ya tswelang ho Bakalde o tla phela, mme bophelo ba hae o tla ikgapela bona, a tle a nne a phele.


Morena Jehova o re: Mohla ke bokellang ntlo ya Iseraele ditjhabeng tseo ba qhalanyeditsweng hara tsona, ke tla iketsa ya kgethehileng ka bona pela ditjhaba, mme ba tla aha lefatsheng leo ke le neileng mohlanka wa ka, Jakobo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos