Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 40:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 ba tla ho Gedalia, Mitspe, e le Ishmaele, mora Nethania, le Johanane, le Jonathane, bara ba Karea, le Seraia, mora Thanhumethe, le bara ba Efai, wa Nethofa, le Jesania, mora Momaakate, ba ena le batho ba bona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 yaba ba tla ho Gedaleya, motseng wa Misepa, e le bo-Ishemaele, mora wa Netaniya, le Johanane le Jonathane, bara ba Karea, le Seraya, mora wa Tanehumete, le bara ba Efai ya tswang Netofa, le Jesaniya, mora wa Maaka, ba ena le bahlabani ba bona.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 40:8
29 Referencias Cruzadas  

Bana ba Ammone ba bona hobane ba ikentse ba nkgang hampe ho Davida; yaba bana ba Ammone ba romela ho mema Basiria ba Bethe-Rehobe, le Basiria ba Tsoba, e le batho ba mashome a mabedi a dikete ba maoto, ba morena wa Maaka e le ba sekete se le seng, le ba Tobe e le ba dikete tse leshome le metso e mmedi.


Jwale, bana ba Ammone ba tswa, ba hlopholla ntwa pela kgoro ya motse; Basiria ba Tsoba le ba Rehobe, le ba Tobe, le ba Maaka, ba dula tulong tsa bona naheng.


le Elifelethe, mora Akasbai, mora Momaakathe; le Eliame, mora Akitofele, wa Gilo;


Balaodi ba makgotla le batho ba bona, ha ba utlwa hore morena wa Babilona o beile Gedalia mmusisi, ba tla ho Gedalia Mitspe; ke Ishmaele, mora Nethania, le Johanane, mora Karea, le Seraia, mora Thanhumethe wa Nethofa, le Jaasania, mora motho wa Maaka, ba ena le batho ba bona.


Leha ho le jwalo, ka kgwedi ya bosupa, Ishmaele, mora Nethania, mora Elishama, wa mofuta wa borena, a tla le banna ba leshome, a bolaya Gedalia, a shwa; a bolaya le Bajuda le Bakalde ba nang le yena Mitspe.


Maharai wa Nethofa, Helede, mora Baana, wa Nethofa,


Maaka, serethe sa Kalebe, a tswala Shebere le Tirhana.


Bara ba Salma ke Bethlehema, Banethofathe, Athrothe-Bethe-Joabe, le mothapo o mong wa Bahammanahthi, le Batsore.


ba ileng le Sorobabele: Ke Joshua, Nehemia, Seraia, Reelaia, Mordekai, Bilshane, Mispare, Bigvai, Rehume, le Baana. Palo ke ena ya banna ba setjhaba sa Iseraele:


banna ba Nethofa ba mashome a mahlano a metso e tsheletseng;


banna ba Bethlehema le ba Nethofa ba lekgolo le nang le mashome a robileng mono o le mong a metso e robileng meno e le mmedi;


Yaba baholo ba hlwenyetsa Jeremia, ba mo otla, ba mo isa tlung ya teronko, ka tlung ya Jonathane mongodi, hobane ba ne ba e entse teronko.


Mme jwale, ako mmamele, monga ka, morena, thapelo ya ka e ke e bewe pela hao, o se ke wa mpusetsa ka tlung ya Jonathane mongodi, ke tle ke se ke ka shwela teng.


o ba arabe, o re: Tjhe, nkile ka bea thapelo ya ka pela morena, hore ke se ke ka busetswa ka tlung ya Jonathane ho shwela teng.


Hape, le Bajuda kaofela ba neng ba le Moabe, le setjhabeng sa bana ba Ammone, le Edomo, le ba neng ba le mafatsheng wohle a kamathoko, ba utlwa hobane morena wa Babilona o sietse Juda masala, le hobane o beile Gedalia, mora Akikame, mora Shafane, modisa wa bona.


Yaba Johanane, mora Karea, le balaodi kaofela ba makgotla a neng a le naheng, ba tla ho Gedalia, Mitspe;


ba re ho yena: Ha re re, o a tseba hobane Baalise, morena wa bana ba Ammone, o romile Ishmaele, mora Nethania, ho o bolaya na? Empa Gedalia, mora Akikame, ha a ka a dumela.


Johanane, mora Karea, o bolella Gedalia ka sephiring, Mitspe, a re: Ha nke ke ye, ke bolaye Ishmaele, mora Nethania; ho ke ke ha tseba motho. O ne a tla o bolaelang? Bajude bohle ba phuthehetseng ho wena na ba ne ba ya qhalanelang, masala a Juda a timele?


Jeremia a ya ho Gedalia, mora Akikame, Mitspe, a dula teng ho yena hara setjhaba se setseng lefatsheng la Juda.


Ka kgwedi ya bosupa, Ishmaele, mora Nethania, mora Elishama, wa leloko la borena, tona ya morena, a tla ho Gedalia, mora Akikame, Mitspe, a ena le batho ba leshome, mme ba dula teng dijong hammoho, Mitspe.


Johanane, mora Karea, le balaodi kaofela ba neng ba le ho yena, ba utlwa diketso tsohle tse mpe tseo Ishmaele, mora Nethania, a di entseng.


Yaba Ishmaele, mora Nethania, le batho ba leshome bao a nang le bona, ba ema, ba hlaba Gedalia, mora Akikame, mora Shafane, ka lerumo, ba mmolaya, e le eo morena wa Babilona a neng a mmeile ho disa naha;


Yaba balaodi kaofela ba makgotla, ba ena le Johanane, mora Karea, le Jesania, mora Hosea, le setjhaba kaofela, ba banyenyane le ba baholo, ba atamela,


Yaba o bitsa Johanane, mora Karea, le balaodi kaofela ba makgotla ba neng ba le ho yena, le setjhaba kaofela, ba banyenyane le baholo;


Asaria, mora Hosea, le Johanane, mora Karea, le batho ba baikgohomosi kaofela, ba bolella Jeremia, ba re: O bolela leshano; Jehova, Modimo wa rona, ha a ka a o roma, hore o re: Le se ke la ya Egepeta ho aha teng.


Yaba Johanane, mora Karea, le balaodi kaofela ba makgotla, ba nka masala kaofela a Juda a neng a kgutlile ditjhabeng tsohle moo a neng a qhalanyeditswe teng, ho tla aha lefatsheng la Juda;


Jaire, mora Manasse, a nka naha yohle ya Argobe ho isa moeding wa Bageshure le wa Bamaakathe, mme a reella metse ya Bashane lebitso la hae; e ntse e le Havvoth-Jaire le kajeno.


o ne a busa thaba ya Hermone, le Salka, le Bashane kaofela, ho isa naheng ya Bageshure, le Bamaakathe, le sekoto se seng sa Gileade, moedi wa Sihone, morena wa Heshbone.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos