Feela, le itsebele hobane, ha le ka mpolaya, etlaba le beile madi a se nang molato hodima lona, le hodima motse ona, le hodima baahi ba teng; hobane kannete Jehova o nthomile ho lona, hore ke tle ke bolele mantswe ao kaofela ditsebeng tsa lona.
Jeremia 26:12 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Jeremia o bolella baholo bohle le setjhaba kaofela, a re: Ke Jehova ya nthomileng ho porofeta bakeng sa ntlo ena le sa motse ona mantswe wohle ao le a utlwileng. BIBELE Yaba Jeremia o bua ho mahosana wohle le ho setjhaba sohle, o re: “Morena o nthomme hore ke porofetele Tempele ena le motse ona mantswe wohle ao le a utlwileng. |
Feela, le itsebele hobane, ha le ka mpolaya, etlaba le beile madi a se nang molato hodima lona, le hodima motse ona, le hodima baahi ba teng; hobane kannete Jehova o nthomile ho lona, hore ke tle ke bolele mantswe ao kaofela ditsebeng tsa lona.
Ho itswe ke Jehova: Eya, o eme lebaleng la ntlo ya Jehova, o bolelle ba metse kaofela ya Juda ba kenang ho ya kgumama ka tlung ya Jehova mantswe wohle ao ke o laetseng ho ba bolella wona; o se ke wa ba lobela lentswe leha le le leng.
Etlare ha ba re ho wena: O fehellwang? o tla re: Ke fehellwa ditaba tse tlang; hobane dipelo tsohle di tla qhibidiha, matsoho wohle a fokole; meya yohle e tla akgeha, mangwele wohle a fetohe metsi; bonang, taba di a tla, di se di tlile: ho bolela Morena Jehova.
Tau e a rora: ya sa tlo tshoha ke mang? Morena Jehova o a bua: ya sa tlo porofeta ke mang?
Empa Petrose le Johanne ba ba araba, ba re: A ho ahlole lona hore na ke taba e lokileng pela Modimo ho utlwa lona ho fetisa Modimo na?
Empa Petrose le baapostola ba bang ba araba, ba re: E ka kgona re utlwe Modimo ho ena le batho.