Mme wena Jehova, o tseba hobane merero kaofela wa bona bakeng sa ka ke ho mpolaya. O se ke wa apesa molato wa bona, o se hlakole sebe sa bona pela mahlo a hao; ba ke ba kgothometswe pontsheng ya hao; tsatsing la kgalefo ya hao o ba etse jwalo.
Jeremia 26:11 - Sesotho 1909/1961 (SO) Baprista le baporofeta ba bolella baholo le setjhaba kaofela, ba re: Motho eo o loketswe ke lefu, hobane o porofetile bakeng sa motse ona kamoo le utlwileng kateng ka ditsebe tsa lona. BIBELE Jwale baprista le baporofeta ba bua ho mahosana le ho setjhaba sohle, ba re: “Motho enwa o tlameha ho ahlolelwa lefu, hobane o porofetetse motse ona timelo, jwalokaha le ikutlwetse ka ditsebe tsa lona!” |
Mme wena Jehova, o tseba hobane merero kaofela wa bona bakeng sa ka ke ho mpolaya. O se ke wa apesa molato wa bona, o se hlakole sebe sa bona pela mahlo a hao; ba ke ba kgothometswe pontsheng ya hao; tsatsing la kgalefo ya hao o ba etse jwalo.
Yaba baholo le setjhaba kaofela ba bolella baprista le baporofeta, ba re: Motho enwa ha a lokelwa ke lefu, hobane o buile le rona ka lebitso la Jehova, Modimo wa rona.
Yaba baholo ba re ho morena: Motho eo a ke a bolawe; hobane o ntse a fokodisa matsoho a bahlabani ba sa setseng motseng ona, le matsoho a setjhaba kaofela, ka ho ba bolella taba tse jwalo; hobane motho eo ha a batlele setjhaba sena molemo, empa e le kotsi.
Bajuda ba mo araba, ba re: Re na le molao, mme ka molao wa rona o lokelwa ke ho shwa, hobane o ikentse Mora wa Modimo.
Ba mo mamela ho fihla polelong eo; empa jwale, ba phahamisa mantswe a bona, ba re: Motho ya jwalo a tloswe lefatsheng; hobane ha a tshwanela ho phela.
Empa haele moporofeta ya ipeang ka boikgohomoso hore a bolele ka lebitso la ka taba eo ke sa kang ka mo laela yona hore a e bolele, leha mohlomong a bua ka lebitso la medimo esele, moporofeta eo a shwe.
Batho ba motse ba re ho Joase: Ntsha mora hao, a shwe, hobane o heleditse aletare ya Baale, mme o remile ashera e pela yona.