La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Jeremia 26:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Baholo ba Juda ha ba utlwa taba tseo, ba tswa tlung ya morena, ba nyolohela tlung ya Jehova, ba dula lebaleng la monyako o motjha wa Jehova.

Ver Capítulo

BIBELE

Ha mahosana a Juda a utlwa tsena, a nyoloha tlung ya kgosi, a ya Tempeleng ya Morena, a fihla a dula lebaleng la Monyako o Motjha wa Tempele ya Morena.

Ver Capítulo



Jeremia 26:10
15 Referencias Cruzadas  

Feela, nqalo tse diphahameng ha di a ka tsa tloswa, setjhaba sa nna sa hlaba, sa tjhesa dibano nqalong tse diphahameng. A haha monyako wa ntlo ya Jehova o ka nqa hodimo.


Ke yena ya hahileng monyako o kahodimo wa ntlo ya Jehova, hape a haha haholo marakong a leralleng.


Mme Pashkure a otla moporofeta Jeremia, a ba a mo kenya metshwasong e monyakong wa Benjamine o hodimo, ka tlung ya Jehova.


Morena Jojakime le matona wohle a hae le baholo kaofela, ha ba utlwa dipolelo tsa hae, morena a batla ho mmolaya; empa Uria a utlwa, a tshaba, a baleha, a ya Egepeta.


Empa letsoho la Akikame, mora Shafane, la emela Jeremia, hore a se ke a neelwa matsohong a setjhaba ho bolawa.


Mme ha dumela baholo kaofela le setjhaba kaofela ho kena selekaneng sa ho lesela e mong le e mong mofo wa hae, e mong le e mong lekgabunyane la hae, hore ba ikele, ho se be ya ka hlolang a ba rua; ba dumela teng, ba ba lesela.


e leng baholo ba Juda le baholo ba Jerusalema, le matona, le baprista, le setjhaba kaofela sa lefatshe, ba fetileng hara mekgekgetho ya namane;


Baruke a bala mantswe a Jeremia lengolong, ka tlung ya Jehova, ka kamoreng ya Gemaria, mora Shafane, mongodi, lebaleng le kahodimo, lepatlelong la monyako o motjha wa ntlo ya Jehova, ditsebeng tsa setjhaba kaofela.


Empa Elnathane, le Delaia, le Gemaria, ba ne ba rapetse morena hore a se ke a tjhesa maqephe a lengolo: a mpa a sa ka a ba utlwa.


Marena a yona hara yona e ka diphiri tse harolang thusolelo; a tsholla madi, a timetsa meya ya batho hore a totise maruo a wona.


Bona, dikgosana tsa Iseraele, e nngwe le e nngwe kamoo matla a yona a leng kateng, di ha hao, hore di tle di tsholle madi.