Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jeremia 34:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 e leng baholo ba Juda le baholo ba Jerusalema, le matona, le baprista, le setjhaba kaofela sa lefatshe, ba fetileng hara mekgekgetho ya namane;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

19 Ba ileng ba feta pakeng tsa mekgekgetho ya namane, ke mahosana a Juda le mahosana a Jerusalema, le matona, le baprista, le setjhaba sohle sa naha ena.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 34:19
14 Referencias Cruzadas  

Eitse ha letsatsi le se le diketse, ho se ho phirimile, bonang, ha eba sebopi se kubellang, mme lelakabe la mollo la tsamaya pakeng tsa mekgekgetho eo.


Mme a re: Morena Jehova, ke tla tseba kang hoba ke tla le rua?


Ebile Jojakine, morena wa Juda, o tswela ho morena wa Babilona, e le yena, le mmae, le bahlanka ba hae, le mahosana a hae, le matona a hae. Morena wa Babilona a mo tshwara ka selemo sa boroba meno e le mmedi sa ho busa ha hae.


A isa Jojakine Babilona kgolehong, le mma morena, le basadi ba morena, le matona a hae, le baholo ba lefatshe; a tloha le bona Jerusalema, a ba isa Babilona kgolehong.


Ke ha morena Jekonia, le mofumahadi, le matona, le baholo ba Juda le ba Jerusalema, le dibetli, le malala, ba ne ba se ba tswile Jerusalema.


Mme ha dumela baholo kaofela le setjhaba kaofela ho kena selekaneng sa ho lesela e mong le e mong mofo wa hae, e mong le e mong lekgabunyane la hae, hore ba ikele, ho se be ya ka hlolang a ba rua; ba dumela teng, ba ba lesela.


Yaba Ebede-Meleke, Moethiopia, molebedi ya neng a le ka tlung ya morena, o utlwa hobane ba lahletse Jeremia lemeneng; mme morena o ne a dutse monyako wa Benjamine.


Morena wa Babilona a bolaya bara ba Tsedekia pontsheng ya hae, Ribla; le baholo kaofela ba Juda morena wa Babilona a ba bolaya.


O tiisitse ditaba tseo o di boletseng hodima rona, le hodima baahlodi ba rona, ba neng ba re ahlola, ka ho tlisa bobe bo boholo hodima rona, boo ho esong ho etsahale tlasa lehodimo lohle bo jwaloka bo hlahetseng Jerusalema.


Ha re a ka ra utlwa baporofeta, bahlanka ba hao, ba buileng ka lebitso la hao ho marena a rona, le ho mahosana a rona, le ho bontata rona, le ho setjhaba kaofela sa naha.


Morena, maswabi a difahleho ke a rona, le a marena a rona, le a mahosana a rona, le a bontata rona, hobane re o sitetswe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos