La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Jeremia 23:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Ka baka leo, bonang, ho bolela Jehova, ho tla matsatsi ao ba sa tlo ka ba re: Jehova o a phela ya nyolotseng bana ba Iseraele lefatsheng la Egepeta!

Ver Capítulo

BIBELE

“Ka baka leo, matsatsi a a tla,” ho rialo Morena, ao ka wona ba ke ke ba hlola ba re: “Re hlapanya ka Morena ya phelang, ya nyolotseng bana ba Iseraele naheng ya Egepeta.”

Ver Capítulo



Jeremia 23:7
9 Referencias Cruzadas  

Hape, mohlang oo, Morena o tla boela a otlolle letsoho la hae hape la bobedi ho lopolla masala a setjhaba sa hae a siilweng naheng ya Assiria, le Egepeta, le Pathrose, le Ethiopia, le Elame, le Shineare, le Hamathe, le dihlekehlekeng tsa lewatle.


O se ke wa tshaba, hobane ke na le wena! Ke tla kgutlisa leloko la hao botjhabela, ke o bokelle le bophirimela.


Mme nna, ke tla bokella tse setseng tsa mohlape wa ka mafatsheng wohle moo ke di hasanyeditseng teng, ke tla di busetsa makgulong a tsona, di tle di ngatafale, di ate.


Hobane bonang, ho bolela Jehova, ho tla matsatsi ao ka wona ke tla kgutlisa ba kgolehong ba setjhaba sa ka sa Iseraele le sa Juda, ho bolela Jehova, ke ba busetse lefatsheng leo ke le neileng bontata bona, ba tle ba le rue.


lona le nkileng kgauta ya ka le silefera ya ka, la ba la isa mesebetsi ya ka ya bohlokwa ditempeleng tsa lona;


Ke tla o bontsha dimakatso jwaloka mohla o tswang lefatsheng la Egepeta.