Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 23:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Empa ba tla re: Jehova o a phela ya nyolotseng, ya busitseng merabe ya ntlo ya Iseraele lefatsheng la Leboya, le mafatsheng wohle moo ke neng ke ba hasanyeditse teng, mme ba tla ikahela lefatsheng la bona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Empa ba tla re: “Re hlapanya ka Morena ya phelang, ya ileng a ntsha ditloholo tsa ntlo ya Iseraele naheng e ka leboya, le dinaheng tsohle tseo a neng a di leleketse ho tsona, mme di tla aha naheng ya tsona.”

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 23:8
24 Referencias Cruzadas  

Hape, mohlang oo, Morena o tla boela a otlolle letsoho la hae hape la bobedi ho lopolla masala a setjhaba sa hae a siilweng naheng ya Assiria, le Egepeta, le Pathrose, le Ethiopia, le Elame, le Shineare, le Hamathe, le dihlekehlekeng tsa lewatle.


Hobane Jehova o tla hauhela Jakobo, o sa tla be a ikgethele Iseraele, a ba ahise lefatsheng la bona; baditjhaba ba tla kopana le bona, ba kgomarele ntlo ya Jakobo.


Ka baka leo, bonang, ho bolela Jehova, ho tla matsatsi ao ba sa tlo ka ba re ka wona: Jehova o a phela ya nyolotseng bana ba Iseraele lefatsheng la Egepeta.


Ba mpa ba tla re: Jehova o a phela ya nyolotseng bana ba Iseraele lefatsheng la Leboya le mafatsheng wohle, moo a neng a ba qhalanyeditse teng; mme ke tla ba busetsa lefatsheng leo ke le neileng bontata bona.


Mme nna, ke tla bokella tse setseng tsa mohlape wa ka mafatsheng wohle moo ke di hasanyeditseng teng, ke tla di busetsa makgulong a tsona, di tle di ngatafale, di ate.


Ke tla nne ke fumanwe ke lona, ho bolela Jehova, mme ke tla busetsa ba lona ba kgolehong, ke le bokelle ditjhabeng tsohle le dinqalong tsohle moo ke le qhalanyeditseng teng, ho bolela Jehova; ke tla le busetsa nqalong ena eo ke le faladitseng ho yona.


Mme jwale, wena mohlanka wa ka Jakobo, se tshabe, ho bolela Jehova; se thothomele, Iseraele, hobane bona, ke tla o pholosa, ke o late naheng e hole, ke late le leloko la hao lefatsheng la kgoleho; Jakobo o tla boya, a itulele, a iketle, mme ha a sa tla tshabiswa ke motho.


Hobane bonang, ho bolela Jehova, ho tla matsatsi ao ka wona ke tla kgutlisa ba kgolehong ba setjhaba sa ka sa Iseraele le sa Juda, ho bolela Jehova, ke ba busetse lefatsheng leo ke le neileng bontata bona, ba tle ba le rue.


Bonang, ke tla ba lata lefatsheng la Leboya, ke ba bokelle dipheletsong tsa lefatshe, sefofu se leng hara bona le sehlotsa, moimana le motswetse hammoho; ba tla kgutlela kwano e le bongata bo boholo.


o re: Bonang ke tla ba bokella mafatsheng wohle moo ke ba qhalanyeditseng teng ka bohale ba ka, le ka kgalefo ya ka, le ka hlwenyo e kgolo ya ka; ke tla ba busetsa nqalong ena, ke ba ahise ka boiketlo.


Mme ho tla ratwa lefu haholo ho bophelo ke masala kaofela a setseng a mofuta oo o mobe, hohle moo ke a qhalanyeditseng teng, ho bolela Jehova wa makgotla.


Morena Jehova o re: Mohla ke bokellang ntlo ya Iseraele ditjhabeng tseo ba qhalanyeditsweng hara tsona, ke tla iketsa ya kgethehileng ka bona pela ditjhaba, mme ba tla aha lefatsheng leo ke le neileng mohlanka wa ka, Jakobo.


Ke tla di ntsha hara ditjhaba, ke di phuthe mafatsheng wohle; ke ntoo di tlisa naheng ya tsona, ke di dise dithabeng tsa Iseraele, dihlohleng tsa melapo le metebong yohle ya naha.


Ke tla le lata ditjhabeng, ke le phuthe mafatsheng wohle, ke tle ke le busetse naheng ya heno.


ba tla re: Lefatshe leno, e neng e le lefeella, le fetohile le ka tshimo ya Edene; metse eno, e neng e timeditswe, e entsweng dithako, e heleditsweng, e fetohile diqhobosheane, e ahilwe.


Ba tla aha lefatsheng leo ke neng ke le nee mohlanka wa ka Jakobo, leo bontata lona ba neng ba ahe ho lona: ba tla aha ho lona, e le bona, le bara ba bona, le ditloholo tsa bona kamehla; mme mohlanka wa ka Davida e tla ba morena wa bona kamehla.


Ba tla tseba hoba ke nna Jehova, Modimo wa bona, ke na beng ke ba isitse ditjhabeng kgolehong, ke boelang ke ba bokellela naheng ya bona, mme mane nke ke ka siya le a mong wa bona.


Bonang, ke se ke ya ba tsosa nqalong eo le rekileng ka bona ho yona, diketso tsa lona ke di busetse hodima dihlooho tsa lona;


Ke tla o bontsha dimakatso jwaloka mohla o tswang lefatsheng la Egepeta.


Nakong eo, ke tla le tlisa, ke le bokelle nakong eo; hobane ke tla le etsa ba tumileng le ba roriswang hara ditjhaba tsohle tsa lefatshe, mohla ke kgutlisang baholehuwa ba lona pela mahlo a lona, ho bolela Jehova.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos