Morena Jeroboame, ha a utlwa lentswe la monna wa Modimo, kamoo a howeleditseng aletare e Bethele kateng, a kgutlisa letsoho la hae aletareng, a le otlolla, a re: Mo tshwareng. Empa letsoho la hae leo a le otlolletseng ho yena, la omella, a ba a sitwa ho le honyetsa;
Empa Asa a halefela seboni, mme a se hlahlela teronkong, kahobane a ne a se hlonametse ka baka la taba tsa sona. Hape, hona mohlang oo, Asa a tuba ba bang ba setjhaba.
Yaba Tsedekia, mora Kenaana, o atamela, a jabela Mikea lerameng, a re: Moya wa Jehova o ne o ye ka tsela efe mohla o ntlohelang hore o ye ho bua le wena?
Eitse ha Jeremia a setse a qetile ho bolela tsohle tseo Jehova a mo laetseng ho di bolella setjhaba kaofela, baprista le baporofeta le setjhaba kaofela, ba mo tshwara, ba re: O tla shwela ruri!
Jehova o o beile moprista bakeng sa moprista Jehojada, hore o nne o be mohlahlobi ka tlung ya Jehova bakeng sa motho e mong le e mong ya hlanyang, ya iketsang moporofeta, hore o tle o mo kenye metshwasong le teronkong.
Mme morena a laela Jerameele, mora morena, le Seraia, mora Asriele, le Shelemia, mora Abdeele, hore ba tshware Baruke mongodi le moporofeta Jeremia; empa Jehova a ba pata.
A re a sa fihla monyako wa Benjamine, molaodi wa dibohodi o ne a le hona teng, lebitso la hae e le Jireja, mora Shelemia, mora Hanania, mme a tshwara moporofeta Jeremia, ka ho re: O ya ineela Bakalde.
Yaba morena Tsedekia o laela hore Jeremia a bewe lebaleng la teronko, a newe ka tsatsi le leng le le leng polokwe ya bohobe e tswang seterateng sa diapehi, ho fihlela bohobe bo fela motseng. Mme Jeremia a hlola lebaleng la teronko.
Lefatshe lohle, ho tloha Geba ho isa Rimmone, e leng ka nqa borwa ho Jerusalema, le tla fetoha, le be jwaloka lehwatata; Jerusalema o tla phahama, a dule setsheng sa hae, ho tloha monyakong wa Banjamine, ho isa sebakeng sa monyako wa Pele le monyakong wa Ntlha, le ho tloha toreng ya Hananeele ho isa dihatelong tsa veine tseo e leng tsa morena.
Ke ofe moporofeta eo bontata lona ba sa kang ba mo hlorisa? Ba bile ba bolaile le ba boletseng pele ho tla ha Ya lokileng eo le mo ekileng jwale, eo le leng babolai ba hae;
O se ke wa tshaba letho la tseo o tlang ho tshwenngwa ka tsona. Bona, Diabolose o se a ya kenya ba bang ho lona teronkong, hore le lekwe; mme le tla ba le matshwenyeho a matsatsi a leshome. O tiye ho isa lefung, mme ke tla o fa moqhaka wa bophelo.