Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Marena 13:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Morena Jeroboame, ha a utlwa lentswe la monna wa Modimo, kamoo a howeleditseng aletare e Bethele kateng, a kgutlisa letsoho la hae aletareng, a le otlolla, a re: Mo tshwareng. Empa letsoho la hae leo a le otlolletseng ho yena, la omella, a ba a sitwa ho le honyetsa;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Yare ha kgosi Jeroboame a utlwa dipolelo tsa moporofeta wa Modimo, tseo a omanyang aletare ka tsona, a mo supa ka monwana, yena Jeroboame a ntse a le aletareng, a re: “Mo tshwareng!” Letsoho leo la hae, leo a neng a supile moporofeta ka lona, la satalla hoo a ileng a sitwa ho le kgutlisa.

Ver Capítulo Copiar




1 Marena 13:4
26 Referencias Cruzadas  

Yaba ba otla banna ba neng ba le pela monyako wa ntlo ka bofofu, ho tloha ho e monyenyane ho isa ho e moholo, ba ba ba kgathala ke ho batla monyako.


Yaba o bea e nngwe Bethele, e nngwe a e bea Dane.


A bea pontsho ka tsatsi leo, a re: Pontsho ke ena eo Jehova a e boletseng: Bonang aletare e tla petsoha, mme melora e hodima yona e tla tsholoha.


aletare ya petsoha, melora e aletareng ya tsholoha, e le pontsho eo monna wa Modimo a neng a e beile ka taelo ya Jehova.


le re: Ho thwe ke morena: Kenyang monna eo teronkong, le mo fepe bohobe ba matshwenyeho le metsi a matshwenyeho, ke be ke boye ka kgotso.


Empa Asa a halefela seboni, mme a se hlahlela teronkong, kahobane a ne a se hlonametse ka baka la taba tsa sona. Hape, hona mohlang oo, Asa a tuba ba bang ba setjhaba.


Se ameng batlotsuwa ba ka, le se ke la etsa baporofeta ba ka hampe.


Morena o tla ba araba, a re: Kannete ke a le bolella, ke re: Tseo le di entseng e monyenyane ho baena ba ka, le di entse nna.


Ba tshwereng Jesu ba mo isa ho Kaiafa, moprista e moholo, moo bangodi le baholo ba neng ba phuthehetse teng.


Eitse hobane a ba habanye bohle, a re ho motho eo: Otlolla letsoho la hao. A etsa jwalo; yaba letsoho la hae le a fola, la boela la loka jwaloka le leng.


Kannetenete ke re ho lona: Ya amohelang eo ke mo romang, o amohela nna; mme ya amohelang nna, o amohela ya nthomileng.


Eitse hobane a ba bolelle, a re: Ke nna enwa, ba sutha kasanthao, ba wela fatshe.


Ekare ha motho a rata ho di etsa hampe, mollo o tla tswa melomong ya tsona, mme o tla ja dira tsa tsona; mme e mong le e mong ya ratang ho di etsa hampe, e ka kgona a shwe jwalo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos