Hobane e se e le kgale Tofethe e lokisitswe, e lokiseditswe morena; e sekoti, e ahlamile; patsi e ngata le mollo di bokelletswe teng; phefumoloho ya Jehova, e kang noka ya sebabole, e tla di hotetsa.
Jeremia 19:6 - Sesotho 1909/1961 (SO) ka baka leo, bonang, ho bolela Jehova, ho ya tla matsatsi ao ba sa tlo ka ba bitsa nqalo ena Tofethe ka wona, leha e le kgohlo ya mora Hinnome, ba mpa ba tla e bitsa kgohlo ya polao. BIBELE Ka baka leo, hlokomelang, matsatsi a a tla, ho rialo Morena, ao ka wona batho ba ke keng ba hlola ba bitsa sebaka sena Tofete kapa Kgohlo ya Mora wa Hinome, empa ba tla se bitsa Kgohlo ya Polaelo. |
Hobane e se e le kgale Tofethe e lokisitswe, e lokiseditswe morena; e sekoti, e ahlamile; patsi e ngata le mollo di bokelletswe teng; phefumoloho ya Jehova, e kang noka ya sebabole, e tla di hotetsa.
o ba bolelle, o re: Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Ke tla pshatla setjhaba sena le motse wona jwalo, jwalokaha ho pshatlwa pitsa ya mmopi, eo e sa tlo ka e kopanngwa. Mme ho tla patwa ditopo Tofethe, ka ho hloka sebaka moo ho patwang teng.
o tswele kgohlong ya mora Hinnome e pela monyako wa Mangeta, o bolele teng mantswe ao ke tla o bolella wona;
Moedi o ntoo nyolosa ka kgohlo ya mora Hinnome, e nqa borwa ho Jebuse, e leng Jerusalema; moedi o ntoo nyolosetsa qhoweng ya thaba e mabapa le kgohlo ya Hinnome, nqa bophirimela, ho felleng ha kgohlo ya Refaime, nqa leboya.