Jakobo 4:12 - Sesotho 1909/1961 (SO) Mmei wa molao o mong, ke yena ya nang le matla a ho boloka le a ho timetsa; wena o mang ha o ahlola ba bang? BIBELE O mong feela moetsi wa molao le moahlodi: Ke ya nang le matla a ho pholosa le ho timetsa. Ebe wena o mang o ka ahlolang wa heno? Baasraak Sotho NT Mofani wa molao o mong, ya ka tsebang ho pholosa le ho timetsa; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mofani wa molao o mong, ya ka tsebang ho pholosa le ho timetsa; |
Hobane Jehova ke moahlodi wa rona, Jehova ke molaodi wa rona, Jehova ke morena wa rona, o tla re boloka.
Le se ke la tshaba ba bolayang mmele, ba mpa ba se na matla a ho bolaya moya; le mpe le tshabe ya nang le matla a ho bolaela moya le mmele diheleng.
Empa ke tla le lekanyetsa eo le tshwanetseng ho mo tshaba; tshabang eo, ereng hobane a bolaye mmele, a nang le matla a ho dihela motho diheleng. E, ke re ho lona: Eo le mo tshabe.
A re se keng ra ahlolana ke hona; le mpe le ahlole hona hore ha le a tshwanela ho bea kgopiso le kgolokgothehiso pela ngwanabo lona.
Na o mang, ha o ahlola mofo wa e mong? Leha a ka ema, leha a ka wa, ho na le monghadi wa hae; athe o tla ema, hobane Modimo o na le matla a ho mo emisa.
Ha ho le jwalo, wena motho, leha o ka ba mang le mang, o ahlolang ba bang, ha o na moitatolo; hobane, ha o ntse o ahlola ba bang, o itswa e le wena; hobane wena ya ahlolang, o etsa tsona ditaba tseo.
Empa wena motho, o mang ha o tsekisa Modimo? Na ntho e bopilweng e ka re ho ya e bopileng: O ne o nketsetsang jwalo na?
Ke ka baka leo a ka tsebang ho pholosa ka ho fetisisa ba atamelang Modimo ka yena, kahobane o ntse a phela kamehla ho ba rapella.
Banabeso, le se ke la beana melato, hore le se ke la ahlolwa. Bonang, moahlodi o eme pela monyako.
Nabale a mpa a fetola bahlanka ba Davida, a re: Davida ke mang? Mora Jese ke mang na? Mehleng ena ya kajeno ho na le bahlanka ba bangata ba thobang e mong le e mong ho monga hae.