Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Samuele 25:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Nabale a mpa a fetola bahlanka ba Davida, a re: Davida ke mang? Mora Jese ke mang na? Mehleng ena ya kajeno ho na le bahlanka ba bangata ba thobang e mong le e mong ho monga hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Nabale a araba bahlanka ba Davida, a re: “Davida ke mang? Mora wa Jese yena ke mang? Mehleng ena ho na le bahlanka ba bangata, ba thobelang beng ba bona.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 25:10
14 Referencias Cruzadas  

Bakeng sena, ha hlaha monna wa Beliale, bitso la hae e le Sheba, mora Bikri, monna wa Benjamine; a letsa terompeta, a re: Ha re na kabelo ho Davida, hape ha re na lefa ho mora Jese; oho Iseraele, e mong le e mong a boele tenteng ya hae.


Ha Baiseraele bohle ba bona hobane morena ha a ba mamele, setjhaba sa fetola morena, sa re: Kabelo ya rona ke efe ho Davida? le lefa ha re na lona ho mora Jese. Weleng, Baiseraele, ikeleng tenteng tsa lona! Davida, iponele ntlo ya hao! Yaba Baiseraele ba ikela tenteng tsa bona.


Yaba Faro o re: Jehova ke mang hore ke utlwe lentswe la hae, mme ke lokolle Iseraele? Jehova ha ke mo tsebe, le Iseraele nke ke ka mo lokolla.


Karabo e bonolo e thethefatsa bohale empa polelo e hlabang ea bo leotsa.


Se re: Ke kang ha matsatsi a kgale a bile molemo ho a kajeno? Leha o botsa taba e jwalo, hase potso e hlalefileng.


Molotsana ha a sa tla bitswa motho ya hlomphehang, mothetsi a ke ke a bitswa motho ya bokgabane.


Haele mothetsi, dibetsa tsa hae ke tsa bolotsana, o loha mano ho timetsa mosenyehi ka dipolelo tsa leshano, leha taba tsa mohloki e le tse lokileng.


Gaale, mora Ebede, a re: Abimeleke ke mang, mme Sikeme ke mang, ha ho thwe, re mo sebeletse? Na hase mora Jerubbaale, mme tona ya hae hase Sebule na? Sebeletsang banna ba Hamore, ntata Sikeme! Haele rona, ke ha re mo sebeletsa ka baka lang?


Ebile Saule o halefela Jonathane, a re ho yena: Ngwana ya lonya, ya ikgantshang, ha ke re, ke a tseba hobane o ikgethetse mora Jese hore ka yena o hlabiswe dihlong le bona bofeela ba mmao na?


Hape, ha phuthehela ho yena bohle ba ditsietsing, le bohle ba nang le melato, le bohle ba pelo di ngongorehang, ya eba yena mong a bona, ya batla e eba batho ba makgolo a mane.


Bahlankana ba Davida ba ya ka taba tseo, mme ba di bolela tsohle ho Nabale ka lebitso la Davida, ba ntoo kgutsa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos