Jakobo 1:23 - Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane motho, haele moutlwi wa lentswe, e seng moetsi wa lona, o jwaloka motho ya iponang seiponeng tshobotsi eo a tswetsweng ka yona. BIBELE Ha motho e le moutlwi wa lentswe la Modimo, empa e se mophethi wa lona, o tshwana le motho ya shebang tshobotsi ya hae ka seiponeng, Baasraak Sotho NT Hobane ekare ha e mong e le moutloi wa lentswe, e seng mophethi, o jwaloka motho ya iponang seiponeng sefahleho sa hae sa hlaho. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane ekare ha e mong e le moutloi wa lentswe, e seng mophethi, o jwaloka motho ya iponang seiponeng sefahleho sa hae sa hlaho. |
E mong le e mong ya tlang ho nna, ya utlwang dipolelo tsa ka, mme a di etsa, ke tla le lekanyetsa eo a tshwanang le yena.
Bangodi le bafarisi ba mo ela hloko ho bona hore na o tla mo fodisa ka Sabatha na, ba tle ba fumane seo ba ka mo qosang ka sona.
Efela jwale, re bona ka seipone, ka lerotho; mohlang oo, re tla senola, difahleho di tadimane; jwale, ke tseba ka nqa e le nngwe feela; mohlang oo, ke tla tseba jwalokaha ke tsebilwe le nna.