A re ho yena: A re ye le wena, o bone kamoo ke tjhesehetseng Jehova kateng; mme a ya le yena koloing ya hae.
Hosea 8:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ba tla howeletsa ho nna, ba re: Modimo wa rona, rona Iseraele, re o tsebile. BIBELE Tjhaba sa Iseraele se a ipiletsa, se a ipiletsa, se re ho nna: ‘Oho, Modimo wa rona, rona re a o tseba!’ |
A re ho yena: A re ye le wena, o bone kamoo ke tjhesehetseng Jehova kateng; mme a ya le yena koloing ya hae.
Leha ho le jwalo, haele dibe tseo Jeroboame, mora Nebathe, a sebisitseng Iseraele ka tsona, Jehu ha a ka a di kgeloha, e le manamane a kgauta a Bethele le Dane.
Le se ke la itshepela dipolelong tseo tsa lefeela tse reng: Tempele ya Jehova, tempele ya Jehova, tempele ya Jehova ke yona eo!
Ke tla tloha, ke kgutlele nqalong ya ka, ke dule teng, ba tle ba be ba ikutlwe dibe tsa bona, ba batle sefahleho sa ka. Tlokotsing ya bona, ba tla tsohela ho tla ho nna.
Hlooho tsa teng di ahlolela dimpho, baprista ba teng ba ruta ka baka la moputso, baporofeta ba teng ba noha ka baka la tjhelete; leha ho le jwalo, ba ikokotlela ka Jehova, ba re: Na Jehova ha a hara rona na? Bobe bo ke ke ba fihla hodima rona!
Hase bohle ba reng ho nna: Morena! Morena! ba tlang ho kena mmusong wa mahodimo; empa ho tla kena ya etsang thato ya Ntate ya mahodimong.
Etlare monga ntlo ha a se a tsohile, mme a kwetse monyako, lona le tla qala ho ema kantle, le ho kokota monyako, le re: Morena, Morena, re bulele! Mme o tla araba, a re ho lona: Ha ke le tsebe moo le tswang teng.
Ka molomo ba bolela hore ba tseba Modimo, empa ba o latola ka diketso; ke ba manyala le ba hanang ho utlwa, mme ba sitwa ke ho etsa mosebetsi o motle leha o le mong.
Ya reng: Ke a o tseba, kanthe ha a boloke ditaelo tsa wona, o leshano, mme nnete ha e yo ho yena.