Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Hosea 8:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Iseraele o kgesa botle, sera se tla mo phallela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Empa Baiseraele ba furaletse tse molemo, kahoo sera se tla ba phaladisa.

Ver Capítulo Copiar




Hosea 8:3
10 Referencias Cruzadas  

Ditaba tsa molomo wa hae ke bokgopo le thetso, o lesitse ho hlalefa le ho etsa botle.


O ba lelekise ka kgalefo, o ba timetse katlasa mahodimo, Jehova!


Bahlorisi ba rona ba lebelo ho fetisa dintsu tsa lehodimo, ba re lelekisa dithabeng, lefeelleng ba re nanarela.


Ba tla howeletsa ho nna, ba re: Modimo wa rona, rona Iseraele, re o tsebile.


Bona ba beile marena, empa e seng ka taelo ya ka, ba beile babusi, athe ha ke tsebe. Ka kgauta ya bona le ka silefera ya bona ba iketseditse ditshwantsho, ba tle ba fediswe.


Haele ba ho lona ba tlang ho pholoha, ke tla ba etsa makwala dinaheng tsa dira tsa bona: mohwaso wa lehlaku le tsokotswang o tla ba balehisa, jwalokaha ho balehuwa pela lerumo, mme ba tla wa, leha ho se motho ya ba lelekisang.


Jehova o itse: Ka baka la melato e meraro, kapa e mene ya Edimo — teng nke ke ka fetoha — kahobane o phalletse ngwanabo ka lerumo, o pupeditse mohau wa hae, bohale ba hae bo sa phetse ho harola, mme o boloka kgalefo ya hae kamehla;


Jehova o tla etsa hore o hlolwe pontsheng ya dira tsa hao; o tla di futuhela ka tsela e le nngwe, mme o tla di balehela ka tsela tse supileng, mme o tla qhalanyetswa mebusong yohle ya lefatshe.


ba kena tsuong ka ho etsa boitlamo ba bona ba pele lefeela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos