Leha ho le jwalo, ba nnile ba ikgantsha, ba o fetohela; ba lahlela molao wa hao kamora mekokotlo ya bona; ba bolaya baporofeta ba hao ba neng ba paka hara bona, ba reng ba ba sokollela ho wena, mme ba nna ba o phephetsa haholo.
Hosea 8:12 - Sesotho 1909/1961 (SO) Leha nka mo ngolla molao wa ka hasekete, ba ka mpa ba o tadima jwaloka ntho esele. BIBELE Ke mo ngoletse melao e se nang palo, empa o e tadima e le ntho tsa basele. |
Leha ho le jwalo, ba nnile ba ikgantsha, ba o fetohela; ba lahlela molao wa hao kamora mekokotlo ya bona; ba bolaya baporofeta ba hao ba neng ba paka hara bona, ba reng ba ba sokollela ho wena, mme ba nna ba o phephetsa haholo.
Hobane ke setjhaba se ikgantshang, ke bana ba leshano, bana ba hanang ho utlwa molao wa Jehova;
Ka ba ka ba nea dikomela tsa ka, ka ba tsebisa melao ya ka eo motho ya e etsang a ka phelang ke yona.
Setjhaba sa ka se fela ke ho hloka tsebo. Wena, kahobane o nyedisitse tsebo, ke tla o nyedisa, o se hlole o eba moprista wa ka; kahobane o lebetse molao wa Modimo wa hao, le nna ke tla lebala bara ba hao.
Ha ho le jwalo, seo Mojuda a fetisang ba bang ka sona keng? kapa molemo wa lebollo ke ofe?
Ha ho le jwalo, jwale, haele molao, wona o a halalela, le taelo e a halalela, e lokile, e molemo.