Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Baroma 3:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ha ho le jwalo, seo Mojuda a fetisang ba bang ka sona keng? kapa molemo wa lebollo ke ofe?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Ha ho le jwalo, Mojuda o feta moditjhaba ka eng? Ka tse ngata. Kapa molemo wa lebollo ke ofe?

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

1 Jwale, Mojuda o na le molemo ofe? kapa lebollo le thusa’ng?

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Jwale, Mojuda o na le molemo ofe? kapa lebollo le thusa’ng?

Ver Capítulo Copiar




Baroma 3:1
12 Referencias Cruzadas  

Yaba Esau o re: Bona, ke se ke ya shwa, mme boholwane boo bo tla nthusang?


Ha a ka a etsa jwalo bakeng sa ditjhaba tse ding kaofela, mme ha di tsebe dikahlolo tsa hae. Bokang Jehova!


Kannete, ho na le ntho tse ngata tse atisang lefeela; ha ho le jwalo, motho a ka ruang ka tsona?


Na ya bohlale o fetisa lewatla kang? Kapa ya fumanehileng, ya tsebang ho itsamaela pontsheng ya ba phelang, o ruang?


Ke ha le re: Ha ho thuse letho ho sebeletsa Modimo! re ruang, ha re boloka seo o re laetseng sona, leha re ntse re tsamaya re apere bofifi pela Jehova wa makgotla?


Lona, le rapela seo le sa se tsebeng; rona re rapela seo re se tsebang; hobane poloko e tswa ho Bajuda.


O moholo ka nqa tsohle, haholo kahobane dipolelo tsa Modimo di tshepetswe bona.


Mme jwale, keng? Hleka re fetisa baditjhaba na? Tjhe, le hanyenyane; hobane re se re bontshitse pele hore bohle, leha e le Bajuda, leha e le Bagerike, ba sebeng,


Ha ke lwanne le dibatana Efese ka phehello ya botho, ke ruileng ka hoo? Ekare ha bafu ba sa tsohe, a re jeng, a re nweng, hobane hosasane re se re ya shwa.


Le se ke la kgeloswa ke dithuto tse ngata, tseo e leng dithuto disele; hobane ho hotle ha motho a tiisa pelo ya hae ka mohau, e seng ka dijo tse sa kang tsa thusa ba di tshepileng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos