Ha ke be nka e emisa, o ne o ya mphallela jwaloka tau, o phethe mehlolo ya hao hodima ka.
Hosea 13:7 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ho bona ke se ke le jwaloka tau, jwaloka lengau ha le lalla tseleng. BIBELE Jwale ke tla ba futuhela, ke ba futuhele sa lekakuba, tseleng teng ke ba lalle sa lengau. |
Ha ke be nka e emisa, o ne o ya mphallela jwaloka tau, o phethe mehlolo ya hao hodima ka.
Jehova o futuha jwaloka mohale, o tsoha bohale jwaloka motho wa ntwa, o etsa mohoo, o phahamisa ditlatse tsa ntwa, o bontsha dira matla a hae.
O tla tloha jwaloka tau e morung, hore lefatshe la bona le tle le fetolwe lesupi ke bohale ba lerumo le bolayang, le ke bohale ba kgalefo ya hae.
Ka baka leo, tau ya moru e tla ba bolaya, phiri ya lefeella e ba qete, lengau le nanarele metse ya bona, e mong le e mong ya tswang ho yona a harolwe, hobane ditlolo tsa bona di ngata, mme ho atile bokwenehi ba bona.
Hobane ke jwaloka tau ho Efraime, le jwaloka tawana ho ntlo ya Juda. Nna, nna ka sebele, ke a harola, ke ntoo ikela, ke nkile seo ke se hapileng, mme ha ho ya ka nkamohang sona!
A re: Jehova o tla rora Sione, a phahamise lentswe la hae a le Jerusalema; makgulo a badisa a tla swaba, hlora ya Karmele e omelle.
Na tau e rora morung, ho se seo e ka se harolang? Na tawana e utlwahatsa lentswe la yona lehaheng la yona, e sa tshwara letho na?
Tau e a rora: ya sa tlo tshoha ke mang? Morena Jehova o a bua: ya sa tlo porofeta ke mang?
Sebata seo ke se boneng se ne se tshwana le lengau; maoto a sona a ne a le jwaloka maoto a bere, mme molomo wa sona o ne o le jwaloka molomo wa tau; mme drakone ya se fa matla a yona, le terone ya yona, le borena bo boholo.