Ke efe ho medimo yohle ya mafatshe ao e namoletseng mafatshe a yona matsohong a ka, ha ho thwe, Jehova a ka namolela Jerusalema matsohong a ka?
Hosea 13:4 - Sesotho 1909/1961 (SO) Athe nna ke Jehova Modimo wa hao, haesa le o etswa lefatsheng la Egepeta; kantle ho nna, ha o tsebe Modimo o mong, le Mopholosi ha a yo, haese nna. BIBELE Empa Morena o re: “Ke nna Morena Modimo wa hao, ho tloha ha o le naheng, naheng ya Egepeta. Ha o a ka wa ba le Modimo e mong kantle ho nna, hobane ha ho Mopholosi e mong kantle ho nna. |
Ke efe ho medimo yohle ya mafatshe ao e namoletseng mafatshe a yona matsohong a ka, ha ho thwe, Jehova a ka namolela Jerusalema matsohong a ka?
Hobane ke nna Jehova, Modimo wa hao, Mohalaledi wa Iseraele, Molopolli wa hao; ke ntshitse Egepeta, hore e be topollo ya hao, ke ntshitse le Ethiopia le Seba bakeng sa hao.
Ke buile le baporofeta, e, nna, ke ekeditse ditshenolo, mme ka baporofeta ke boletse ditshwantsho.
Athe nna ke Jehova, Modimo wa hao, haesale o etswa lefatsheng la Egepeta. Ke sa tla o ahisa ditenteng, jwalokaha ho etswa mohla mokete.
Etlaba moo ke busetsang masimo a hae a morara ho yena, ke mo nee kgohlo ya Akore (moferefere) ho ba kgoro ya tshepo; teng o tla nkananela jwaloka mehleng ya botjha ba hae, jwaloka mohla a tswang lefatsheng la Egepeta.
Mme ha ho poloko ho e mong; hobane ha ho lebitso le leng tlasa lehodimo, leo batho ba le neilweng, leo re ka bolokehang ka lona.