Ke mang ho lona ya setseng ho ba kileng ba bona ntlo ena kganyeng ya yona ya pele? Mme jwale, le e bona e le jwang? Ha ke re, e ka lefeela mahlong a lona?
‘Na ho sa na le ya mong hara lona ya ka hopolang kamoo Tempele ee e neng e le ntle kateng mehleng ya pele? Kajeno le e bona e le jwang? Na ha le bone e se letho?
Davida o ne a re: Mora ka Salomone o sa le motjha, o sa le monyenyane, mme ntlo e tla hahelwa Jehova e ka kgona e phahame haholo ka botumo le ka kganya mafatsheng wohle; ha ho le jwalo, ke tla mo lokisetsa yona. Kahoo, Davida a lokisa tse ngata, a eso ho shwe.
Ba dumelana ba ntse ba rorisa, ba boka Jehova, ba re: Hobane o molemo, hobane mohau wa hae ho Iseraele ke o sa feleng. Setjhaba sohle sa etsa ditlatse tse kgolo tsa ho rorisa Jehova ka taba ya hobane ho thewa metheo ya ntlo ya Jehova.
Baprista ba bangata, le Balevi, le dihlooho tsa matlo a bontata Baiseraele, e leng maqheku a neng a bone ntlo ya pele, ba lla, ba bokolla, ha ba bona ho bewa metheo ya ntlo eo pela mahlo a bona; hape, ba bangata ba etsa ditlatse tsa thabo;
Mokgabo oo o kganyang ba o entse sebaka sa boithoriso, ka wona ba entse ditshwantsho tse manyala tsa bona le tsohle tsa bona tseo ke di ilang; ka baka leo, ke ya di etsa ditshila ho bona.