Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Haggai 2:3 - BIBELE

3 ‘Na ho sa na le ya mong hara lona ya ka hopolang kamoo Tempele ee e neng e le ntle kateng mehleng ya pele? Kajeno le e bona e le jwang? Na ha le bone e se letho?

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ke mang ho lona ya setseng ho ba kileng ba bona ntlo ena kganyeng ya yona ya pele? Mme jwale, le e bona e le jwang? Ha ke re, e ka lefeela mahlong a lona?

Ver Capítulo Copiar




Haggai 2:3
8 Referencias Cruzadas  

Davida a re: “Solomone, mora wa ka, o sa le monyenyane, o a tetema, mme Tempele e lokelang ho hahelwa Morena e tshwanela ho ba ntle haholo, e tume, e tlotlwe ke dinaha tsohle. Ha ho le jwalo, ke tla qalella ho etsa ditokiso tsa hore e tle e hahwe.” Kahoo, yare Davida a eso ka a eshwa, a etsa ditokiso tse kgolo.


Ba bina ba neeletsana, ka dihlopha tsa bona, ba rorisa, mme ba boka Morena, ba re: “O molemo, mohau wa hae ke wa kamehla yohle ho Baiseraele.” Setjhaba sohle, ha se rorisa Morena, sa howeletsa haholo, hobane motheo wa Tempele ya Morena o ne o radilwe.


Empa baprista, le Balevi, le dihlooho tsa malapa, bao e neng e se e le maqheku, ba neng ba ile ba bona ha motheo wa Tempele ya pele o ralwa, ba lla haholo, ha ba bona ho ralwa motheo wa Tempele ena, empa ba bangata bona ba etsa ditlatse tsa thabo.


Metse e halalelang ha hao e fetohile lehwatata, Sione ke lehwatata, Jerusalema ke nanaola.


Ba ne ba ikgantsha ka mekgabiso ya bona e metle, eo ka yona ba ileng ba iketsetsa medingwana ya bona e nyonyehang. Ka baka lena, ke e fetotse ditshila.


‘Tlotla ya Tempele ena e ntjha e tla feta tlotla ya Tempele ya pele,’ ho rialo Morena wa mabotho. ‘Ke tla tlisa kgotso ka tlung ena,’ ho rialo Morena wa mabotho.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos