Ebile morena Joase o bitsa moprista Jehojada le baprista ba bang, a re ho bona: Ha le a ka la lokisa dikgeo tsa ntlo keng? Kajeno, le se ke la hlola le nka ditjhelete ho ba tsebanang le lona, le mpe le di ntshetse dikgeo tsa ntlo.
Haggai 1:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Setjhaba sena se re: Nako ha e eso ho tle; hase nako eo ntlo ya Jehova e ka hahuwang ka yona! ... BIBELE Morena wa mabotho o bua tjena: “Setjhaba sena se re: ‘Nako ya ho tsosa Tempele ya Morena ha e eso fihle!’ ” |
Ebile morena Joase o bitsa moprista Jehojada le baprista ba bang, a re ho bona: Ha le a ka la lokisa dikgeo tsa ntlo keng? Kajeno, le se ke la hlola le nka ditjhelete ho ba tsebanang le lona, le mpe le di ntshetse dikgeo tsa ntlo.
Eitse hobane kopi ya lengolo la morena Artakserksese e balwe pela Rehume, le Shimshai, mongodi, le balekane ba bona, ba phakisa ba ya ho Bajuda Jerusalema, mme ba ba emisa ka matla le ke ntwa.
Bajuda ba re: Matla a bajari a fokotse, athe marole a mangata; re fela re tla sitwa ho phetha lerako!
nako e teng ya ho bolaya, e teng nako le ya ho fodisa; nako e teng ya ho qhaqholla, e teng nako le ya ho haha;
Tsohle tse fihlelwang ke letsoho la hao hore di ka sebetswa, o di etse ka matla a hao; hobane nqalong ya bafu moo o yang, ha ho sa le mosebetsi, leha e le morero, kapa tsebo, kapa bohlale.
Ka selemo sa bobedi sa ho busa ha morena Dariuse, ka kgwedi ya botshelela, ka tsatsi la pele la kgwedi, lentswe la Jehova la tla ka moporofeta Haggai ho Sorobabele, mmusisi wa Juda, mora Salathiele, le ho Joshua, moprista e moholo, mora Jotsadake, la re:
Empa banna ba neng ba ile le yena ba ne ba re: Ha ho kamoo re ka nyolohang ho ya lwantsha batho bao kateng, hobane ba re feta ka matla.