Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Haggai 1:2 - BIBELE

2 Morena wa mabotho o bua tjena: “Setjhaba sena se re: ‘Nako ya ho tsosa Tempele ya Morena ha e eso fihle!’ ”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Setjhaba sena se re: Nako ha e eso ho tle; hase nako eo ntlo ya Jehova e ka hahuwang ka yona! ...

Ver Capítulo Copiar




Haggai 1:2
14 Referencias Cruzadas  

Yaba kgosi Jowashe o bitsa moprista Jehoyada, le baprista ba bang, o re ho bona: “Ke ka lebaka lang le sa thibang mapatso a Tempele? Ka lebaka lena he, le se hlole le bokella tjhelete ho batho bao le ba tsebang; le neelane ka e seng e le teng, ho tle ho thijwe mapatso a Tempele ka yona.”


Hoba lengolo lena la kgosi Aretaseresese le ballwe bo-Rehume, le Shimeshai wa mongodi, le metswalle ya bona, yaba ba potlakela Jerusalema ho Bajuda, ba fihla ba thibela mosebetsi wa bona ka dikgoka, le ka ho ba kgahlapetsa.


Baahi ba naha ya Juda ba re: “Batho ba hlekang ba fellwa ke matla, empa uduudu e sa le ngata, hoo e re sitisang ho tsosa lerako.”


Sekgoba se re: “Tau ke ena kantle!” kapa se re: “Ke tla bolaelwa diterateng!”


Ho tshaba batho ke ho itjhehela leraba, empa ya tshepang Morena o tla bolokeha.


Ya lebeletseng moya a ke ke a jala, ya tadimileng maru a ke ke a kotula.


nako ya ho bolaya le nako ya ho fodisa, nako ya ho heletsa le nako ya ho haha;


Tsohle tseo o ka di etsang, o di etse ka matla a hao kaofela, hobane lebitleng, moo o yang teng, ha ho sa na mosebetsi, kapa merero, kapa tsebo, kapa bohlale.


Ka letsatsi la pele la kgwedi ya botshelela, ka selemo sa bobedi sa puso ya kgosi Dariuse, lentswe la Morena la fihla ka moporofeta Hagai ho Serubabele, mora wa Shealetiele, mmusisi wa Juda; le ho Joshua, mora wa Jehosadake, Moprista e Moholo, la re:


Yaba Morena o bua ka molomo wa moporofeta Hagai, o re:


Empa banna ba neng ba ile le yena ba re: “Re tla sitwa ho nyoloha ho ya lwantsha setjhaba seo, hobane se matla ho re feta.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos