Jehova Modimo a bopa ka mobu diphoofolo tsohle tsa naha, le tse rurang tsa mahodimo; a ntoo di tlisa ho Adama, a tle a bone hore o tla di rea mabitso a jwang, le hore mabitso ao Adama a tlang ho bitsa dintho tsohle tse utlwang ka wona e be mabitso a tsona.
Phiri e tla fula hammoho le konyana, tau e tla fula jwang jwaloka kgomo, lerole e be dijo tsa noha; di ke ke tsa kgathatsa, leha e le ho senya thabeng ya ka yohle e halalelang: ho bolela Jehova.
Haele mokotatsie, o tseba nako ya yona lehodimong, le leeba, le lefokotsane, le moholodi, di nne di lemohe nako ya ho boela ha tsona; empa setjhaba sa ka, ha se tsebe tokelo ya Jehova.
Ha ho sa le Mojuda, leha e le Mogerike; ha ho sa le ya ruilweng, leha e le ya sa ruwang; ha ho sa le monna, leha e le mosadi; hobane kaofela ha lona le ntho e le nngwe ho Jesu Kreste.
Mona, ha ho Mogerike, leha e le Mojuda, leha e le lebollo, leha e le boqai, leha e le mobarebare, leha e le Moskitha, leha e le ya ruilweng, leha e le ya sa ruwang; empa Kreste e le ntho tsohle, le ho bohle.