Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 7:9 - BIBELE

9 tsa tla ka bobedi, e le e tona le e tshehadi, tsa kena ka arekeng le Nowe, jwalokaha Morena a ne a mo laetse.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 tsa tla ka pedi arekeng ho Nowe, e tona le e tshehadi, jwalokaha Modimo o ne o laetse Nowe.

Ver Capítulo Copiar




Genese 7:9
12 Referencias Cruzadas  

Yaba Morena Modimo o bopa diphoofolo tsohle tsa naha ka mobu, le dinonyana tsohle tse fofang, a di tlisa ho motho ho bona hore na a ka di rea mabitso afe. Kamoo motho a ileng a bitsa sebopuoa se seng le se seng se phelang kateng, yaba hoo e se e le lebitso la sona.


Nowe a etsa jwalo; a etsa jwalokaha Modimo a ne a mo laetse.


Yare hoba matsatsi a supileng a fete, morallo wa metsi wa eba teng lefatsheng.


Dibopuwa tse phelang tsa kena ka bobedi ka arekeng ho Nowe.


Tse ileng tsa kena e ne e le e tona, le e tshehadi, jwalokaha Modimo a ne a mo laetse. Jwale Morena a mo kwalla kahare.


Diphoofolo tse sa ileheng le tse ilehang, le dinonyana, le dihahabi tsohle,


Phiri le konyana di tla fula di le mmoho, tau e je jwang jwalokaha pohwana e bo ja, sehahabi sona se phele ka ho ja lehlabathe. Ha di ka ke tsa ntsha kotsi leha e le ho bolaya, hohlehohle thabeng ya ka, thabeng e halalelang,” ho rialo Morena.


Le mokotatsie o fofang hodimo, o tseba nako tsa wona tsa ho falla; leeba le lehaqasi le moholodi, le tsona di tseba nako ya ho oroha, empa molao wa Morena tjhaba sa ka ha se o tsebe.


Jwale ha ho sa le Mojuda kapa moditjhaba, ha ho sa le lekgoba kapa molokollwa, ha ho sa le monna kapa mosadi, hobane lona bohle le ntho e le nngwe ho Kreste Jesu.


Kahoo ha ho sa le moditjhaba kapa Mojuda, ya bolotseng kapa ya sa bollang, ya hlaha, ya tala, lekgoba le molokolohi, empa ho na le Kreste feela; ke yena tsohle, mme o ho bohle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos