Yaba Jehova Modimo o re ho noha: Erekaha o entse hoo, o rohakilwe hara makgomo wohle, le hara diphoofolo tsohle tsa naha; o tla tsamaya ka mpa ya hao, mme o tla ja lerole ka matsatsi wohle a ho phela ha hao.
Genese 4:11 - Sesotho 1909/1961 (SO) Mme jwale o rohakilwe ke lefatshe le ahlamisitseng molomo wa lona ho metsa madi a ngwaneno letsohong la hao. BIBELE Kahoo o rohakehile, mme o lelekilwe mobung oo madi a ngwaneno, a tsholotsweng ke letsoho la hao, a monyetseng ho wona. |
Yaba Jehova Modimo o re ho noha: Erekaha o entse hoo, o rohakilwe hara makgomo wohle, le hara diphoofolo tsohle tsa naha; o tla tsamaya ka mpa ya hao, mme o tla ja lerole ka matsatsi wohle a ho phela ha hao.
Bona, o ntelekile naheng ena kajeno, mme ke tla patelwa sefahleho sa hao, mme ke tla ba mobalehi le moleleri lefatsheng: ka baka lena, mang le mang ya mphumanang o tla mpolaya.
A mo rea lebitso la Nowe, a re: Enwa o tla re phomotsa mosebetsing wa rona le mokgathaleng wa matsoho a rona ho tswang lefatsheng le rohakilweng ke Jehova.
Hobane bona, Jehova o se a ya tloha nqalong ya hae ho putsa ba ahileng lefatsheng ka ho lekaneng le bokgopo ba bona; lefatshe le tla senola madi a momilweng ke lona, mme ha le sa tla pata ba bolailweng ho lona.
Hobane bohle bao e leng ba mesebetsi ya molao, ba thohakong, hobane ho ngodilwe, ho thwe: Ho rohakwe mang le mang ya sa tiisetseng nthong tsohle tse ngodilweng bukeng ya molao, ho di etsa.
Empa lefatshe la hla la thusa mosadi; lefatshe la ahlamisa molomo wa lona, mme la metsa noka eo drakone e neng e e phutsaladitse ka molomo wa yona.