Yaba Jehova Modimo o re: Ha ho molemo hoba motho a dule a nnotshi; ke tla mo etsetsa molekane ya tshwanang le yena.
Genese 3:12 - Sesotho 1909/1961 (SO) Adama a re: Mosadi eo o nneileng yena hore a dule le nna, ke yena ya mphileng tsa sefate, ka di ja. BIBELE Monna a re: “Mosadi eo o nneileng yena, hore a be le nna, o mphile tse tswang sefateng, mme ka fela ka ja.” |
Yaba Jehova Modimo o re: Ha ho molemo hoba motho a dule a nnotshi; ke tla mo etsetsa molekane ya tshwanang le yena.
Adama a rea makgomo wohle mabitso, le tse rurang tsa mahodimo, le diphoofolo tsohle tsa naha; empa hae le bakeng sa motho ha ho a ka ha fumanwa molekane ya tshwanang le yena.
Jehova Modimo a bopa mosadi ka lehopo leo a le ntshitseng ho Adama, mme a mo tlisa ho Adama.
Jehova a re: Ke mang ya o tsebisitseng hobane o feela? Na ha o a ka wa ja sefate seo ke o laetseng, ka re: O se ke wa se ja, na?
ha eba ke apesitse bokgopo ba ka ka mokgwa wa batho, ka pata melato ya ka fubeng sa ka,
Ya patang melato ya hae a ke ke a hlohonolofala; empa ya e bolelang, a e bakela, o tla fumana mohau.
Hobane ka baka la ho se tsebe ho loka ha Modimo, le ka baka la ho hloma ho loka hoo e leng ha bona, ha ba ka ba ipea tlasa ho loka ha Modimo;
Saule a re: Ba di nkile ho Baamaleke, hobane setjhaba se qenehetse dinku le dikgomo tse ntle, e le hore se hlabele Jehova, Modimo wa hao; ho hong re ho neetse anathema.