Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 2:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Jehova Modimo a bopa mosadi ka lehopo leo a le ntshitseng ho Adama, mme a mo tlisa ho Adama.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

22 Ka lehopo leo Morena Modimo a le ntshitseng ho motho, a bopa mosadi, a mo tlisa ho motho.

Ver Capítulo Copiar




Genese 2:22
7 Referencias Cruzadas  

Jehova Modimo a bopa ka mobu diphoofolo tsohle tsa naha, le tse rurang tsa mahodimo; a ntoo di tlisa ho Adama, a tle a bone hore o tla di rea mabitso a jwang, le hore mabitso ao Adama a tlang ho bitsa dintho tsohle tse utlwang ka wona e be mabitso a tsona.


Ekare haese Jehova ya hahang ntlo, ba e hahang ba sebeletsa lefeela; ekare haese Jehova ya bolokang motse, molebedi o fadimehela lefeela.


Ya fumaneng mosadi wa sebele o fumane lehlohonolo, o filwe mpho ya mohau ke Jehova.


Ntlo le leruo ke lefa la bontata motho, empa mosadi ya kelello ke mpho ya Jehova.


Hobane Adama o bopilwe pele, hamorao ha bopjwa Eva;


Lenyalo a le ke le hlomphehe hara batho bohle, le diphate di hloke ditshila; hobane Modimo o tla ahlola baboki le bafebi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos