Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 2:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Yaba Jehova Modimo o robatsa Adama boroko bo boholo, mme Adama a ithoballa. Jehova a ntsha lehopo le leng ho yena, mme a busetsa dinama tulong tsa lona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

21 Yaba Morena Modimo o tshwarisa motho boroko bo boholo, mme a kgaleha. Jwale Morena Modimo a ntsha le leng la mahopo a hae, a nto busetsa nama madulong a yona.

Ver Capítulo Copiar




Genese 2:21
7 Referencias Cruzadas  

Yare ha letsatsi le ya dikela, boroko bo boholo ba tshwara Abrame, mme bona, botshabeho jwa lefifi le leholo jwa mo wela hodimo.


O bua ka ditoro, ka dipono tsa bosiu, ha batho ba tshwerwe ke boroko, mme ba robetse diphateng tsa bona.


Yare nahanong ya ditaba le diponong tsa bosiu, ka nako eo boroko bo kgalang batho,


Botswa bo dihela motho bodibeng ba boroko, mme moya wa mokokorohi o tla lapa.


A re a sa ntsane a bua le nna, ka wa fatshe ka sefahleho, ke idibane, empa a nkama, a nkemisa moo ke emeng teng.


Hobane monna ha a ka a nkwa mosading, empa ke mosadi ya nkileng monneng.


Davida a nka lerumo le nkgwana ya metsi e pela mosamo wa Saule, ba tsamaya ho se ya ba boneng, ho se ya ba lemohileng, ho robetse bohle, hobane Jehova o ne a ba robaditse boroko bo boholo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos