mme Nakore eitse hobane a tswale Tera, a phela dilemo tse lekgolo le leshome le metso e robileng mono o le mong; mme a tswala bara le baradi.
Genese 24:4 - Sesotho 1909/1961 (SO) o mpe o ye lefatsheng la heso, le ho ba heso, o nkele mora wa ka Isaaka mosadi teng. BIBELE empa o tla ya naheng ya heso, le ho bang ka nna, mme o nkele mora wa ka Isaka, mosadi teng.” |
mme Nakore eitse hobane a tswale Tera, a phela dilemo tse lekgolo le leshome le metso e robileng mono o le mong; mme a tswala bara le baradi.
Jehova a re ho Abrame: Tloha lefatsheng la heno, le ho mofuta wa hao, le tlung ya ntatao, o ye lefatsheng leo ke tlang ho o bontsha lona.
Jehova a iponahatsa ho Abrame, a re: Lefatshe lena ke tla le nea ditloholo tsa hao. Teng Abrame a hahela Jehova ya iponahaditseng ho yena aletare.
haese hobane o ka ya tlung ya ntate, le mofuteng wa ka, mme o nkele mora wa ka mosadi teng.
Yaba mohlanka o re ho yena: Ekaba mohlomong mosadi a ke ke a dumela ho ntshala morao, ho tla naheng ena; hleka ke tla boela ke kgutlisetse mora wa hao naheng eo o tswileng ho yona na?
Isaaka a bitsa Jakobo, a mo hlohonolofatsa, a mo laela, a re ho yena: O se ke wa inkela mosadi ho baradi ba Kanana.
Tloha, o ye Paddan-Arame, tlung ya Bethuele, ntatao moholo, o inkele mosadi teng wa baradi ba Labane, malomao.
Efela hojane ba ne ba sa hopotse lefatshe leo ba faletseng ho lona, ba ne ba na le sebaka sa ho kgutlela teng.
Ntatae le mmae ba re ho yena: Na ha ho mosadi hara baradi ba banabeno le setjhabeng sa heso kaofela, haele moo o re, o rata ho inkela mosadi hara Bafilesta, bao ba maqai? Samsone a re ho ntatae: Nnkeleng yena, hobane o a nkgahla.